1
Baroma 4:20-21
Contemporary Southern Sotho Bible 2024
CSOB24
Ha aa ka a thekesela tšepisong ea Molimo ka ho se lumele; empa a tiya tumelong, a tlotlisa Modimo; Mme a kgodisehile ka botlalo hore seo a se tshepisitseng, o ne a ka kgona le ho se etsa.
Compare
Explore Baroma 4:20-21
2
Baroma 4:17
Jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: “Ke o beile ntata ditjhaba tse ngata,” pela eo a ileng a dumela, e leng Modimo, ya phedisang bafu, ya bitsang tse siyo jwaloka hoja di teng.
Explore Baroma 4:17
3
Baroma 4:25
Ke yena ya neng a neelwa ka baka la ditlolo tsa rona, mme a tsoswa hore re bewe ba lokileng.
Explore Baroma 4:25
4
Baroma 4:18
Ke yena ya dumetseng ka tshepo, ho se na tshepo, hore e tle e be ntata ditjhaba tse ngata, ka polelo e reng: Leloko la hao le tla ba jwalo.
Explore Baroma 4:18
5
Baroma 4:16
Ka baka leo, ke ka tumelo, hore e tle e be ka mohau; hore pallo e tle e tiye leloko lohle; e seng ho bao e leng ba molao feela, empa le ho bao e leng ba tumelo ya Abrahama; ke yena ntata rona bohle.
Explore Baroma 4:16
6
Baroma 4:7-8
E re: Ho lehlohonolo bao melato ya bona e tshwaretsweng, bao dibe tsa bona di apesitsweng. Ho lehlohonolo motho eo Morena a sa mmalleng sebe.
Explore Baroma 4:7-8
7
Baroma 4:3
Hobane Lengolo le re’ng? Abrahama a dumela Modimo, mme a ballwa hoo e le ho loka.
Explore Baroma 4:3
Home
Bible
Plans
Videos