1
BaHebheru 10:25
Baasraak Sotho NT
SothoNT
Re se ke ra tlohela ho phutheha ha rona, jwalokaha e le mokgwa wa ba bang; empa re kgothatsana, mme haholo ka ha le bona letsatsi le ntse le atamela.
Compare
Explore BaHebheru 10:25
2
BaHebheru 10:24
A re nahanelaneng hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle.
Explore BaHebheru 10:24
3
BaHebheru 10:23
A re kgomareleng boipolelo ba tumelo ya rona, re sa thekesele; (hobane ya tshepisitseng o a tshepahala;)
Explore BaHebheru 10:23
4
BaHebheru 10:36
Hobane le hloka mamello, e le hore, ha le se le entse thato ya Modimo, le tle le amohele pallo.
Explore BaHebheru 10:36
5
BaHebheru 10:22
A re atameleng ka dipelo tsa nnete, ka tumelo e tiileng, re fafaditswe dipelo ho tloswa matswalo a mabe, mme mmele ya rona e hlatswitswe ka metsi a hlwekileng.
Explore BaHebheru 10:22
6
BaHebheru 10:35
Ka hona le se ke la lahla tshepo ya lona, e nang le moputso o moholo.
Explore BaHebheru 10:35
7
BaHebheru 10:26-27
Hobane ha re etsa sebe ka boomo, re se re fumane tsebo ya nnete, ha ho sa na sehlabelo sa dibe; Empa ho na le tebello e nngwe e tshabehang ya kahlolo le bohale bo tukang, bo tlang ho ja bahanyetsi.
Explore BaHebheru 10:26-27