1
2 Bakorinthe 4:18
Baasraak Sotho NT
SothoNT
Re ntse re sa talime tse bonahalang, empa re talima tse sa bonahaleng; empa tse sa bonahaleng ke tsa ka ho sa feleng.
Compare
Explore 2 Bakorinthe 4:18
2
2 Bakorinthe 4:16-17
Ka baka leo ha re tepelle; empa leha motho wa rona wa kantle a senyeha, motho ya ka hare o ntse a ntjhafatswa letsatsi le letsatsi. Hobane mahloreho a rona a bobebe, a motsotsoana, a re sebeletsa boima bo fetisisang, bo sa feleng, ba kganya
Explore 2 Bakorinthe 4:16-17
3
2 Bakorinthe 4:8-9
Re tshwenyehile ka nqa tsohle, empa ha re tsielehe; re a tsieleha, empa ha re nyahame; Re a hloriswa, empa ha re a furallwa; re liheloa fatše, empa ha re timetsoe
Explore 2 Bakorinthe 4:8-9
4
2 Bakorinthe 4:7
Empa re na le letlotlo lena dipitseng tsa letsopa, hore matla a fetisisang e be a Modimo, e seng a rona.
Explore 2 Bakorinthe 4:7
5
2 Bakorinthe 4:4
E leng bao modimo wa lefatshe lena o foufaditseng dikelello tsa ba sa dumelang, hore lesedi la Evangeli ya kganya ya Kreste, eo e leng setshwantsho sa Modimo, le se ke la ba kganyetsa.
Explore 2 Bakorinthe 4:4
6
2 Bakorinthe 4:6
Hobane Modimo, ya laetseng hore lesedi le tjhabe lefifing, ke wona o bonesitseng dipelong tsa rona, hore o tle o re nee lesedi la tsebo ya kganya ya Modimo sefahlehong sa Jesu Kreste.
Explore 2 Bakorinthe 4:6