1
JOSHUA 2:11
BIBELE
SSO89SO
Ha re utlwa hoo, dipelo tsa rona di ile tsa nyahama, mme banna bohle ba se ke ba hlola ba eba le sebete, ka baka la ho le tshaba, hobane Morena Modimo wa lona, ke yena Modimo ya hodimo, lehodimong, le ya tlase, lefatsheng.
Compare
Explore JOSHUA 2:11
2
JOSHUA 2:10
Re utlwile kamoo Morena a neng a pshese metsi a Lewatle la Lehlaka kapele ho lona kateng, ha le ne le etswa Egepeta. Re utlwile le seo le neng le se etse ho dikgosi tse pedi tsa Baamore, tse neng di le kamose wane ho Jorodane, e leng Sihone le Oge, bao le neng le ba ripitle ho hang.
Explore JOSHUA 2:10
3
JOSHUA 2:8-9
Banna bao ba ne ba eso ka ba kgaleha, ha Rahaba a hlwella ka ho bona, kahodima marulelo. A re ho banna bao: “Ke a tseba hore Morena o le neile naha ena, le hore rona re a le tshaba, le hore baahi bohle ba naha ena le ba nyahamisitse dipelo.
Explore JOSHUA 2:8-9
Home
Bible
Plans
Videos