1
MATTHEU 7:7
Sesotho 1909/1961 (SO)
SSO61-SO
Kopang, mme le tla newa; batlang, mme le tla fumana; kokotang, mme le tla bulelwa.
Compare
Explore MATTHEU 7:7
2
MATTHEU 7:8
Hobane e mong le e mong ya kopang, o a newa; ya batlang o a fumana, mme ho bulelwa ya kokotang.
Explore MATTHEU 7:8
3
MATTHEU 7:24
Ka baka leo, e mong le e mong ya mamelang dipolelo tseo tsa ka, mme a etsa ka tsona, nka mo tshwantsha ka monna ya bohlale, ya hahileng ntlo ya hae letlapeng
Explore MATTHEU 7:24
4
MATTHEU 7:12
Mme jwale, ntho tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, ba etseng tsona le lona; hobane ke wona molao le baporofeta.
Explore MATTHEU 7:12
5
MATTHEU 7:14
Hobane monyako wa bophelo o patisane, le tsela e yang teng e tshesane, mme ba e fumanang ha ba bakae.
Explore MATTHEU 7:14
6
MATTHEU 7:13
Kenang ka monyako o patisaneng; hobane monyako wa timelo o hebehebe, le tsela e yang teng e phatlaletse, mme ba kenang teng ba bangata.
Explore MATTHEU 7:13
7
MATTHEU 7:11
Mme lona, ba lonya, ha le tseba ho nea bana ba lona ntho tse molemo, Ntata lona ya mahodimong o tla fetisa hakakang ka ho nea ba kopang ho yena tse molemo!
Explore MATTHEU 7:11
8
MATTHEU 7:1-2
Se ahloleng, le tle le se ke la ahlolwa; hobane le tla ahlolwa ka kahlolo eo le ahlolang ba bang ka yona; mme tekanyo eo le lekanyang ba bang ka yona, le tla lekanyetswa ka yona le lona.
Explore MATTHEU 7:1-2
9
MATTHEU 7:26
Empa e mong le e mong ya mamelang dipolelo tseo tsa ka, mme a sa etse ka tsona, a ka tshwantshwa ka monna ya lewatla, ya hahileng ntlo ya hae lehlabatheng
Explore MATTHEU 7:26
10
MATTHEU 7:3-4
O tadimelang lehlokwana le leihlong la ngwaneno, athe ha o lemohe tshiya e ka leihlong la hao? Kapa, o ka bolella ngwaneno jwang, wa re: Lesa, ke ntshe lehlokwana leihlong la hao, kanthe o na le tshiya leihlong la hao?
Explore MATTHEU 7:3-4
11
MATTHEU 7:15-16
Phemang baporofeta ba bohata, ba tlang ho lona ba apere kobo ya nku, empa kahare e le diphiri tse hapakang. Le tla ba tseba ka ho beha ha bona. Ana morara o kgolwa meutlweng, kapa a difeiye di kgolwa dibajweng na?
Explore MATTHEU 7:15-16
12
MATTHEU 7:17
Efela sefate ka seng se monate se beha ditholwana tse monate; le sefate ka seng se sebe se beha ditholwana tse mpe.
Explore MATTHEU 7:17
13
MATTHEU 7:18
Sefate se monate se ka sitwa ho beha ditholwana tse mpe, mme sefate se sebe se ka sitwa ho beha ditholwana tse monate
Explore MATTHEU 7:18
14
MATTHEU 7:19
Sefate se seng le se seng se sa beheng ditholwana tse monate, se tla rengwa, se lahlelwe mollong.
Explore MATTHEU 7:19
Home
Bible
Plans
Videos