1
MATTHEU 13:23
Sesotho 1909/1961 (SO)
SSO61-SO
Empa ya amohetseng peo mobung o motle, ke motho ya utlwang lentswe, ya le utlwisisang, mme o a beha; hlaku e nngwe e hlahisa tse lekgolo, e nngwe e hlahisa tse mashome a tsheletseng, e nngwe e hlahisa tse mashome a mararo.
Compare
Explore MATTHEU 13:23
2
MATTHEU 13:22
Haele ya e amohetseng hara meutlwa, ke ya utlwang lentswe; empa ho belaella dintho tsa lefatshe lena, le ho thetsa ha lefumo, ho pupetsa lentswe, mme le nyope.
Explore MATTHEU 13:22
3
MATTHEU 13:19
E mong le e mong ha a utlwa polelo ya mmuso, mme a sa e utlwisise, e mobe o ye a tle ho yena, a mo amohe se jetsweng pelong ya hae. Eo ke ya amohetseng peo pela tsela.
Explore MATTHEU 13:19
4
MATTHEU 13:20-21
Ya amohetseng peo majweng, ke motho ya utlwang lentswe, ya phakisang a le amohela ka thabo; a mpa a se na motso ka ho yena, empa e le wa motsotso o se okae feela; ereha tshwenyeho le hloriso di hlaha ka baka la lentswe, a phakise a kgoptjwe.
Explore MATTHEU 13:20-21
5
MATTHEU 13:44
Hape, mmuso wa mahodimo o jwaloka letlotlo le patilweng tshimong, leo eitseng hobane motho a le fumane, a boela a le pata; mme ka baka la ho le thabela, o rekisa ka ntho tsohle tseo a nang le tsona, o ithekela tshimo eo.
Explore MATTHEU 13:44
6
MATTHEU 13:8
Empa tse ding tsa wela mobung o motle, mme tsa beha dijo; hlaku e nngwe ya beha tse lekgolo, e nngwe ya beha tse mashome a tsheletseng, e nngwe ya beha tse mashome a mararo.
Explore MATTHEU 13:8
7
MATTHEU 13:30
Di leseng tse pedi, di hole hammoho, ho be ho fihle kotulo; ke hona mohla ho kotulwang ke tla re ho bakotudi: Helang mofoka pele, le o tlame mangata, le o tjhese; le mpe le bokelle koro modikong wa ka.
Explore MATTHEU 13:30
Home
Bible
Plans
Videos