1
ESAIA 9:6
Sesotho 1909/1961 (SO)
SSO61-SO
Hobane re tswaletswe ngwana, re neilwe mora; borena bo beilwe lehetleng la hae, mme o tla bitswa Moeletsi ya makatsang, Modimo o matla, Rabosafeleng, Morena wa kgotso
Compare
Explore ESAIA 9:6
2
ESAIA 9:2
Setjhaba se neng se tsamaya lefifing se bone lesedi le leholo, lesedi le kganyeditse ba ahileng naheng ya moriti wa lefu.
Explore ESAIA 9:2
3
ESAIA 9:7
hore a hodise mmuso, le ho tlisa kgotso e sa feleng teroneng ya Davida le mmusong wa hae; o tla o tiisa, a o tshehetse ka toka, le ka ho loka, jwale le ka ho sa feleng. Tjheseho ya Jehova wa makgotla e tla etsa hoo.
Explore ESAIA 9:7
4
ESAIA 9:5
Hobane seeta se seng le se seng seo motho a tlang ntweng a se rwetse, le kobo e nngwe le e nngwe e sudubaneng mading, di tla akgelwa mollong, di tjheswe ke malakabe a wona.
Explore ESAIA 9:5
5
ESAIA 9:1
Empa lefifi le ke ke la nna la eba teng lefatsheng le leng tsietsing jwale; erekaha mehleng ya pele a swabisitse lefatshe la Sabulone le la Nefthali, mehleng ya qetello o tla tumisa naha e sikang le lewatle, le e mose wane wa Jordane, e leng Galelea wa baditjhaba.
Explore ESAIA 9:1
6
ESAIA 9:3
O atisitse setjhaba, o se sitsitse ka thabo e kgolo; ba tla thaba pontsheng ya hao, jwalokaha ho thajwa mohla kotulo, le jwalokaha ho thauthwa dithepa tsa kgapo.
Explore ESAIA 9:3
7
ESAIA 9:4
Hobane joko eo se neng se e jara, le thupa e neng e otla mahetla a sona, le molamu wa mohlorisi wa sona, a di robile jwalokaha o entse mohla Midiane.
Explore ESAIA 9:4