1
ESAIA 45:3
Sesotho 1909/1961 (SO)
SSO61-SO
Ke tla o nea maruo a bolokilweng nqalong tse ntsho, le tse patilweng sephiring, o tle o tsebe hobane ke nna Jehova, Modimo wa Iseraele, ya o bitsitseng ka lebitso la hao.
Compare
Explore ESAIA 45:3
2
ESAIA 45:2
Ke tla o etella pele ho latsa makukuno, ho pshatla menyako ya koporo, le ho roba mekwallo ya tshepe.
Explore ESAIA 45:2
3
ESAIA 45:5-6
Ke nna Jehova, mme ha ho e mong; ha ho Modimo, haese nna; ke o hlomedisitse, leha o ne o sa ntsebe; hore batho ba tle ba tsebe, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, hoba ha ho Modimo o mong, haese nna; ke nna Jehova, ha ho e mong.
Explore ESAIA 45:5-6
4
ESAIA 45:7
Ke nna ke bopang lesedi, ke hlahisang lefifi, ke etsang kgotso, ke hlahisang tshenyo; ke nna Jehova ya etsang tseo kaofela.
Explore ESAIA 45:7
5
ESAIA 45:22
Sokolohelang ho nna, mme le bolokehe, lona dipheletso tsohle tsa lefatshe. Hobane ke nna Modimo, o mong ha o yo.
Explore ESAIA 45:22
6
ESAIA 45:1
Jehova o bolela ho motlotsuwa wa hae, ho Siruse, eo a mo tshwereng ka letsoho la hae le letona, ho hlola ditjhaba pela hae, ho tlamolla dinyepa tsa marena mathekeng a wona, le ho bula menyako pela hae, hore menyako e se ke ya kwalwa, o re
Explore ESAIA 45:1
7
ESAIA 45:23
Ke anne ka nna, taba e lokileng e tswile molomong wa ka, e ke ke ya kgutla, e re: Mangole wohle a tla nkgumamela, maleme wohle a ane ke nna.
Explore ESAIA 45:23
8
ESAIA 45:4
Ka baka la Jakobo, mohlanka wa ka, le la Iseraele, mokgethwa wa ka, ke o bitsitse ka lebitso la hao, ka o kgetha, o eso ho ntsebe.
Explore ESAIA 45:4