1
ESAIA 43:19
Sesotho 1909/1961 (SO)
SSO61-SO
Bonang, ke a hlahisa ditaba tse ntjha, di se di ya hlaha; na le ke ke la di tseba na? Ke tla phunya tsela naheng e tshehla, le dinoka naheng e omeletseng.
Compare
Explore ESAIA 43:19
2
ESAIA 43:2
Ha o tshela hara metsi, ke tla ba le wena; ha o tshela dinoka, di ke ke tsa o nka: leha o feta hara mollo, o ke ke wa tjha, le malakabe a ke ke a o tlabola.
Explore ESAIA 43:2
3
ESAIA 43:18
Le se ke la hopola taba tsa kgale, le se ke la nahana tse etsahetseng boholoholo.
Explore ESAIA 43:18
4
ESAIA 43:1
Empa jwale, ho itswe ke Jehova, moetsi wa hao, Jakobo, le mmopi wa hao, Iseraele: Se tshabe, hobane ke o lopolotse, ke o bitsitse ka lebitso la hao, o wa ka!
Explore ESAIA 43:1
5
ESAIA 43:4
Hobane o bile thata mahlong a ka, mme ke o hlonephile, ke o ratile; ke bea batho bakeng sa hao, le ditjhaba ho lopolla bophelo ba hao.
Explore ESAIA 43:4
6
ESAIA 43:3
Hobane ke nna Jehova, Modimo wa hao, Mohalaledi wa Iseraele, Molopolli wa hao; ke ntshitse Egepeta, hore e be topollo ya hao, ke ntshitse le Ethiopia le Seba bakeng sa hao.
Explore ESAIA 43:3
7
ESAIA 43:5
O se ke wa tshaba, hobane ke na le wena! Ke tla kgutlisa leloko la hao botjhabela, ke o bokelle le bophirimela.
Explore ESAIA 43:5
8
ESAIA 43:25
Ke nna, ke nna ya tlosang ditlolo tsa hao ka baka la ka; ha ke sa tla hlola ke hopola dibe tsa hao.
Explore ESAIA 43:25
9
ESAIA 43:10
Ke lona dipaki tsa ka, ho bolela Jehova, le yena mohlanka wa ka eo ke mo kgethileng, hore le tle le tsebisise, mme le ntumele, mme le ikutlwele hobane ke nna. Ha ho Modimo o bileng teng pele ho nna, mme o mong o ke ke wa eba teng kamorao ho nna.
Explore ESAIA 43:10
10
ESAIA 43:11
Ke nna, ke nna Jehova; ha ho mmoloki e mong, haese nna.
Explore ESAIA 43:11
11
ESAIA 43:13
Le ho tloha tsatsing lena, e sa ntsane e le nna, ha ho motho ya ka ntshang ho hong letsohong la ka; seo ke se etsang, se ka thibelwa ke mang?
Explore ESAIA 43:13
12
ESAIA 43:20-21
Dibatana tsa naha, le diphokojwe, le dimpshe di tla nteboha, hobane ke hlahisitse metsi naheng e tshehla, le dinoka naheng e omeletseng, ho nosa setjhaba sa ka seo ke ikgethetseng sona. Setjhaba seo ke iketseditseng sona se tla bolela dithoko tsa ka.
Explore ESAIA 43:20-21
13
ESAIA 43:6-7
Ke tla re ho leboya: Busetsa; le ho borwa: O se ke wa thibela; o kgutlisetse bara ba ka ba dinaheng tse hole, le baradi ba ka dipheletsong tsa lefatshe; e leng bohle ba ipitsang ka lebitso la ka, hobane ke ba etseditse kganya ya ka; ke nna ke ba entseng, ke ba bopileng.
Explore ESAIA 43:6-7
14
ESAIA 43:16-17
Ho thualo ke Jehova ya phuntsheng mmila lewatleng, le tsela metsing a matla, ya ntshitseng dira ka makoloi, ka mapere, le makgotla le bahale; ba wele kaofela ha bona, ba ke ke ba hlola ba tsoha; ba tingwa, ba fela jwaloka kgwele ya lebone.
Explore ESAIA 43:16-17
15
ESAIA 43:15
Nna Jehova, ke Mohalaledi wa lona; nna, Mmopi wa Iseraele, ke Morena wa lona.
Explore ESAIA 43:15