1
ESAIA 1:18
Sesotho 1909/1961 (SO)
SSO61-SO
mme le tle, re lokise ditaba, ho bolela Jehova. Leha dibe tsa lona di ka ba kgubedu jwaloka krimsone, di tla sweufala jwaloka lehlwa; leha di ka ba kgubedu jwaloka sekarelata, di tla ba tshweu jwaloka boya ba nku.
Compare
Explore ESAIA 1:18
2
ESAIA 1:19
Ha le rata ho utlwa, le tla ja monono wa lefatshe
Explore ESAIA 1:19
3
ESAIA 1:17
ithuteng ho etsa hantle; le batlisise ho lokileng, le sireletse motshwenyehi, le lokisetse dikgutsana, le emele nyewe ya mohlolohadi
Explore ESAIA 1:17
4
ESAIA 1:20
empa ha le ikganela, le ikgantsha, le tla jewa ke lerumo; hobane molomo wa Jehova o boletse.
Explore ESAIA 1:20
5
ESAIA 1:16
Itlhatsweng, le itlhwekise; tlosang bolotsana ba diketso tsa lona pela mahlo a ka, lesang ho etsa hampe
Explore ESAIA 1:16
6
ESAIA 1:15
Leha le ka otlollela matsoho ho nna, ke tla lebisa mahlo a ka hosele; leha le ka atisa dithapelo tsa lona, nke ke ka di mamela: matsoho a lona a tletse madi.
Explore ESAIA 1:15
7
ESAIA 1:13
Le se ke la hlola le ntlisetsa mahlabelo a lefeela; dibano tsa lona ke manyala ho nna, le mekete ya dikgwedi tse thwasang, le ya Disabatha, le ya dipitso tsa ho phutheha; diphutheho tsa lona tse mahlonoko tse hlokang borapedi di a nkgathatsa.
Explore ESAIA 1:13
8
ESAIA 1:3
Kgomo e tseba ya e ruileng, esele e tseba lesaka la monga yona: Iseraele yena ha a na tsebo, setjhaba sa ka ha se na temoho.
Explore ESAIA 1:3
9
ESAIA 1:14
Moya wa ka o hloile mekete ya lona ya dikgwedi tse thwasang, le ya diphutheho tse mahlonoko; ke tshwenyo ho nna, ke kgathetse ke ho iphapanya le yona.
Explore ESAIA 1:14