1
EKSODA 23:25-26
Sesotho 1909/1961 (SO)
SSO61-SO
Sebeletsang Jehova, Modimo wa lona, mme o tla hlohonolofatsa bohobe ba hao le metsi a hao, mme lefu ke tla le kgelosa ho wena. Ho ke ke ha eba mosadi ya tswang mpa, kapa ya nyopileng lefatsheng la hao; hape, ke tla phetha palo ya ditshiu tsa hao.
Compare
Explore EKSODA 23:25-26
2
EKSODA 23:20
Bona, ke roma lengeloi la ka, hore le o etelle pele, le tle le o boloke tseleng, le o ise nqalong eo ke e lokisitseng.
Explore EKSODA 23:20
3
EKSODA 23:22
Ha o mpa o mamedisisa lentswe la lona, o etsa tsohle tseo ke tla o bolella tsona, ke tla ba sera ho dira tsa hao, ke lwantshe ba o lwantshang.
Explore EKSODA 23:22
4
EKSODA 23:2-3
O se ke wa latela bongata ho ya etsa tse mpe; hape nyeweng o se ke wa bua o sekamela bongateng, ho kgopamisa ho loka. Empa le teng o se ke wa etsetsa mofutsana leema nyeweng ya hae.
Explore EKSODA 23:2-3
5
EKSODA 23:1
O se ke wa tsamaisa taba ya leshano. O se ke wa emela e mobe, hore o be paki ya bohata bo etswang ke yena.
Explore EKSODA 23:1