1
BAEFESE 6:12
Sesotho 1909/1961 (SO)
SSO61-SO
Hobane ntwa ya rona ha e lwane le nama le madi, empa e lwana le baholo, le mebuso, le marena a lefifi la lefatshe lena, le meya e bolotsana e sebakeng sa lehodimo.
Compare
Explore BAEFESE 6:12
2
BAEFESE 6:18
Le rapele ka Moya kamehla, ka merapelo yohle, le fadimehele teng ka tiisetso yohle, mme le rapelle bahalaledi bohle.
Explore BAEFESE 6:18
3
BAEFESE 6:11
Aparang dihlomo tsohle tsa Modimo, le tle le tsebe ho hlola dihloho tsohle tsa Diabolose.
Explore BAEFESE 6:11
4
BAEFESE 6:13
Ka baka leo, nkang dihlomo tsohle tsa Modimo, le tle le tsebe ho tiya ka tsatsi le lebe, le ho ema le setse le hlotse tsohle.
Explore BAEFESE 6:13
5
BAEFESE 6:16-17
Kahodima tseo tsohle le tshware thebe ya tumelo eo ka yona le ka tsebang ho tima metsu yohle e tukang ya molotsana. Rwalang heleme ya poloko, mme le tshware lerumo la Moya, e leng lentswe la Modimo.
Explore BAEFESE 6:16-17
6
BAEFESE 6:14-15
Tiyang ke hona, le ntse le itlamile matheka ka senyepa sa nnete, mme le apere tshireletso ya sefuba, e leng ho loka. Maotong a lona, le rwale mafolofolo a Evangeli ya kgotso.
Explore BAEFESE 6:14-15
7
BAEFESE 6:10
Qetellong, banabeso, tiyang Moreneng le matleng a hae a sa sitweng ke letho.
Explore BAEFESE 6:10
8
BAEFESE 6:2-3
Hlonepha ntatao le mmao — ke oo molao wa pele o nang le pallo — o tle o be le lehlohonolo, mme o phele halelele lefatsheng.
Explore BAEFESE 6:2-3
9
BAEFESE 6:1
Bana, utlwang batswadi ba lona Moreneng; hobane ke ntho e lokileng.
Explore BAEFESE 6:1
Home
Bible
Plans
Videos