1
II TIMOTHEA 4:7
Sesotho 1909/1961 (SO)
SSO61-SO
Ke lwanne ntwa e molemo, ke mathile ka qeta sebaka, ke bolokile tumelo.
Compare
Explore II TIMOTHEA 4:7
2
II TIMOTHEA 4:2
O bolele lentswe, o phehelle nako ha e tshwaneleha, leha e sa tshwanelehe; o laye, o kgalemele, o kgothatse ka mamello yohle le ka ho ruta.
Explore II TIMOTHEA 4:2
3
II TIMOTHEA 4:3-4
Hobane nako e tla ba teng eo ba ke keng ba mamella thuto ya pholoho, empa ka baka la ho hlohlona ha ditsebe tsa bona, ba tla ipokelella baruti ba dumellanang le ditakatso tsa bona; mme ba tla kgelosa ditsebe tsa bona nneteng, ho di isa ditshomong.
Explore II TIMOTHEA 4:3-4
4
II TIMOTHEA 4:5
Empa haele wena, fadimeha nthong tsohle, o mamelle bohloko, o etse mosebetsi wa mmoledi wa Evangeli, o phethisise tshebetso ya hao.
Explore II TIMOTHEA 4:5
5
II TIMOTHEA 4:8
Ho setseng e se e le ho amohela moqhaka wa ho loka oo ke o behetsweng, oo Morena, moahlodi ya lokileng, a tlang ho nnea wona ka letsatsi lela, e seng nna feela, le bohle ba ratileng ho tla ha hae.
Explore II TIMOTHEA 4:8