1
I TIMOTHEA 6:12
Sesotho 1909/1961 (SO)
SSO61-SO
Lwana ntwa e ntle ya tumelo, o hape bophelo bo sa feleng, boo o bo bileditsweng, kamoo o seng o ipoletse kateng, ka bokgabane pela dipaki tse ngata.
Compare
Explore I TIMOTHEA 6:12
2
I TIMOTHEA 6:10
Hobane lerato la leruo ke motso wa dibe tsohle; ba bang ka ho le lakatsa ba kgelohile tumelo, mme ba itlhabile ka mahlomola a mangata.
Explore I TIMOTHEA 6:10
3
I TIMOTHEA 6:6
Efela borapedi, ha bo ena le ho kgolwa ha pelo, ke leruo le leholo.
Explore I TIMOTHEA 6:6
4
I TIMOTHEA 6:7
Hobane ha re a ka ra tlisa letho lefatsheng, mme ho a bonahala hoba re sitwa ho ya le letho, ha re le tlohela.
Explore I TIMOTHEA 6:7
5
I TIMOTHEA 6:17
Laela ba ruileng tsa mehla ya jwale hore ba se ke ba ikgohomosa, ba se ke ba tshepa moruo o sa tiyang, ba mpe ba tshepe Modimo o phelang, o re fang tsohle ka bongata, re tle re di thabele.
Explore I TIMOTHEA 6:17
6
I TIMOTHEA 6:9
Empa ba ratang ho rua, ba wela melekong, le lerabeng, le ditakatsong tse ngata, tse sa utlwahaleng, tse senyang, tse tebisetsang batho timelong le tahlehong.
Explore I TIMOTHEA 6:9
7
I TIMOTHEA 6:18-19
Ba sebetse se molemo, ba atelwe ke mesebetsi e molemo, ba abele ba bang, ba fane; ba ipokellele letlotlo mehleng e tlang, le nang le motheo o molemo, ba tle ba rue bophelo bo sa feleng.
Explore I TIMOTHEA 6:18-19