1
I TIMOTHEA 2:5-6
Sesotho 1909/1961 (SO)
SSO61-SO
Hobane Modimo o mong feela, le Mmuelli mahareng a Modimo le batho o mong, e leng Jesu Kreste motho, ya ineetseng ho ba topollo ya bohle. Ke boo bopaki bo beilweng mehleng ya teng
Compare
Explore I TIMOTHEA 2:5-6
2
I TIMOTHEA 2:1-2
Jwale, kgothatso ya ka ya sehlooho, ke re: Diqelo, le merapelo, le dithapello, le diteboho, di etsetswe batho bohle, le marena, le bohle ba boholong, hore re tle re iphelele kgotsong le boiketlong ka borapedi bohle le ka bokgabane.
Explore I TIMOTHEA 2:1-2
3
I TIMOTHEA 2:8-10
Ke fela ke rata hoba banna ba rapele kahohle, ba phahamise matsoho a masweu, ho se bohale le kgang. Basadi le bona ba apare seaparo se lokelang, ba itlhophe ka boitlhompho le ka tshabo, e seng ka moriri o forilweng, le ka kgauta, leha e le diperela, leha e le meaparo e kgabisitsweng; e mpe e be ka mesebetsi e molemo, jwalokaha ho tshwanela basadi ba ipolelang hoba ba sebeletsa Modimo.
Explore I TIMOTHEA 2:8-10