1
I BATHESALONIKA 4:17
Sesotho 1909/1961 (SO)
SSO61-SO
Ebe moo, rona ba phelang, ba saletseng nakong eo, re nkelwang marung hammoho le bona, ho ya kgahlanyetsa Morena sebakeng; mme ka mokgwa o jwalo, re tla ba le Morena kamehla.
Compare
Explore I BATHESALONIKA 4:17
2
I BATHESALONIKA 4:16
Hobane Morena ka sebele o tla theoha lehodimong ka mohoo, ka lentswe la arekangeloi, le ka terompeta ya Modimo, mme ba shwetseng ho Kreste ba tla tsoha pele.
Explore I BATHESALONIKA 4:16
3
I BATHESALONIKA 4:3-4
Hobane ho rata ha Modimo ke hore le halalele, le hore le tshabe bofebe, le hore e mong le e mong ho lona a tsebe ho bolokela pitsa ya hae kgalalelong le hlonephong
Explore I BATHESALONIKA 4:3-4
4
I BATHESALONIKA 4:14
Hobane ha re dumetse hoba Jesu o kile a shwa, a ba a tsoha, le hona re tshwanetse ho dumela hoba ba ithobaletseng, Modimo o tla ba tsosa ka Jesu, mme o ba hlahise le yena.
Explore I BATHESALONIKA 4:14
5
I BATHESALONIKA 4:11
Mme le tiise matla ho dula ka kgotso; le itshebelletse tsa lona, mme le sebetse ka matsoho a lona, jwalokaha re le laetse
Explore I BATHESALONIKA 4:11
6
I BATHESALONIKA 4:7
Hobane Modimo ha o a ka wa re biletsa ditshileng, empa e le kgalalelong.
Explore I BATHESALONIKA 4:7