1
I SAMUELE 17:45
Sesotho 1909/1961 (SO)
SSO61-SO
Davida a re ho Mofilesta: O tlile ho nna ka sabole le ka lerumo le ka tsenene; nna, ke tla ho wena ka lebitso la Jehova wa makgotla, Modimo wa makgotla a Iseraele, eo o mo nyedisitseng.
Compare
Explore I SAMUELE 17:45
2
I SAMUELE 17:47
Le bongata bona bohle bo tla tseba hobane Jehova ha a namolele ka sabole leha e le ka lerumo, hobane tlholo ke ya Jehova, mme o tla le neela matsohong a rona.
Explore I SAMUELE 17:47
3
I SAMUELE 17:37
Davida a eketsa, a re: Jehova ya nnamoletseng marong a tau le marong a bere, o tla nnamolela le matsohong a Mofilesta eo. Ebile Saule o re: Eya, Jehova a be le wena.
Explore I SAMUELE 17:37
4
I SAMUELE 17:46
Kajeno, Jehova o tla o neela matsohong a ka; ke tla o bolaya, ke o pome hlooho, ke nee kajeno lena dinonyana tsa lehodimo le dibatana tsa naha ditopo tsa makgotla a Bafilesta, mme lefatshe lohle le tla tseba hobane Modimo o teng Iseraeleng.
Explore I SAMUELE 17:46
5
I SAMUELE 17:40
a nka molamu wa hae, a ya molapong, a ithonakela majwe a mahlano a boreledi, a a kenya pataneng ya hae, eo a nang le yona, le mokotlaneng wa hae; a atamela Mofilesta, a tshwere letjeketjane la hae.
Explore I SAMUELE 17:40
6
I SAMUELE 17:32
Davida a re ho Saule: Ho se ke ha eba ya felang pelo ka baka la motho eo; mohlanka wa hao o tla ya, a lwane le Mofilesta eo.
Explore I SAMUELE 17:32