Ke ya ka tsela ya batho bohle; o iphe matla, o etse ka senna. O boloke taelo ya Jehova, Modimo wa hao, ka ho tsamaya tseleng tsa hae, o ye le ka melao ya hae, le ditaelo tsa hae, le mantswe a hae, le ditemoso tsa hae, kamoo di ngodilweng kateng, molaong wa Moshe, e be hore o tle o atlehe ditabeng tsohle tseo o tla di etsa, le hohle moo o tla leba teng. Etlaba moo Jehova a tiisang taba ya hae eo a mpoleletseng yona, ha a re: Ekare ha bana ba hao ba itebela metsamaong ya bona, ba tsamaya pela ka ka mokgwa wa nnete, ka pelo yohle, le ka moya wohle, ha ho ka ke ha hlokeha motho wa lesika la hao teroneng ya Iseraele.