Logo ng YouVersion
Hanapin ang Icon

Mattheu 2

2
Mattheu 2
1Eitse ha Jesu a tswaletswe Bethlehema wa Judea, mehleng ya morena Heroda, bonang, ba bohlale ba botjhabela ba fihla Jerusalema,
2ba re: O kae ya tswetsweng morena wa Bajuda? hobane re bone naledi ya hae botjhabela, mme re tlile ho mo kgumamela.
3Morena Heroda ha a utlwa taba tseo, a tshoha, le Jerusalema yohle le yena.
4Eitse hobane a bokelle baprista ba baholo bohle le bangodi ba setjhaba, a ba botsa moo Kreste a tla tswallwa teng.
5Ba re ho yena: Ke Bethlehema wa Judea; hobane ho ngodilwe jwalo ke moporofeta, ha thwe:
6Le wena Bethlehema, naheng ya Juda, ha o monyenyane hara mahosana a Juda, hobane ho tla tswa ho wena Mmusi ya tla busa setjhaba sa ka sa Iseraele.
7Jwale, Heroda a biletsa ba Bohlale sephiring, a ba botsisisa nako eo naledi e hlahileng ka yona.
8A ba roma Bethlehema, a re: Eyang le botsisise tsa ngwana ka hloko; mme ha le mo fumane, le ntsebise, hore le nna ke ye ke mo kgumamele.
9Eitse ha ba utlwa morena, ba tloha; mme bonang, naledi eo ba e boneng botjhabela, ya ba etella pele, ya ba ya fihla, ya ema hodima moo ngwana a leng teng.
10Ha ba bona naledi, ba thaba ka thabo e kgolo.
11Eitse ha ba kena ka tlung, ba bona ngwana le mmae Maria, mme ba itihela fatshe, ba mo kgumamela; khauta, le libano, le myra.
12Yare hobane ba lemoswe ke Modimo torong hore ba se ke ba kgutlela ho Heroda, ba kgutlela naheng ya habo bona ka tsela esele.
13Eitse hobane ba tsamaye, lengeloi la Morena la iponahatsa ho Josefa ka toro, la re: Tsoha, o nke ngwana le mmae, o balehele Egepeta, o dule teng, ke be ke o bolelle; o tla batla ngoana e monyenyane ho mo timetsa.
14Eitse hobane a tsohe, a nka ngwana le mmae bosiu, a ya Egepeta.
15A dula teng ho fihlela Heroda a shwa, hore ho tle ho etsahale ho boletsweng ke Morena ka moporofeta, a re: Ke bitsitse mora wa ka Egepeta.
16Heroda, ha a bona hobane o songoa ke ba Bohlale, a halefa haholo, a romela ho bolaea bana bohle ba Bethlehema le mathokong ’ohle a teng, ho qala ka ba lilemo tse peli ho ea tlaase, ho ea ka molao. nako eo a neng a botsitse ka eona ho banna ba bohlale.
17Yaba ho phethahala ho boletsweng ke moporofeta Jeremia, ha a re:
18Lentswe la utlwahala Rama, la sello, le dillo, le dillo tse kgolo, Ragele a llela bana ba hae, a hana ho tshediswa, kahobane ha ba sa le yo.
19Eitse hobane Heroda a timele, lengeloi la Jehova la iponahatsa ho Josefa torong, Egepeta.
20A re: Tsoha, o nke ngwana le mmae, o ye naheng ya Iseraele;
21A tsoha, a nka ngwana le mmae, a tla naheng ya Iseraele.
22Eitse ha a utlwa hore Arkelause o busa Judea tulong tsa ntatae Heroda, a tshaba ho ya teng;
23A tla, a aha motseng o bitswang Nasaretha, hore ho tle ho etsahale ho boletsweng ke baporofeta, ha ho thwe: O tla bitswa Monasaretha.

Kasalukuyang Napili:

Mattheu 2: SothoNT

Haylayt

Ibahagi

Kopyahin

None

Gusto mo bang ma-save ang iyong mga hinaylayt sa lahat ng iyong device? Mag-sign up o mag-sign in

Gumagamit ang YouVersion ng cookies para gawing personal ang iyong karanasan. Sa paggamit sa aming website, tinatanggap mo ang aming paggamit ng cookies gaya ng inilarawan sa aming Patakaran sa Pribasya