GENESE 1

1
Mehla ya boholoholo ho tloha tlholong ya dintho ho isa ho Abrahama, 1 — 11:9.
Tlholo ya dintho.
1Tshimolohong, Modimo o ne o hlole mahodimo le lefatshe.
2Lefatshe le ne le hloka sebopeho, le le feela; lefifi le ne le le hodima bodiba, mme Moya wa Modimo o ne o solla hodima metsi.
3Modimo wa re: Lesedi ha le be teng, mme lesedi la eba teng. 4Modimo wa bona hoba lesedi le molemo; mme Modimo wa arohanya lesedi le lefifi. 5Modimo wa bitsa lesedi motshehare, mme lefifi wa le bitsa bosiu. Mme ha eba mantsiboya, ha eba hosasa: e bile letsatsi la pele.
6Jwale Modimo wa re: Sebaka ha se be teng mahareng a metsi, mme se arohanye metsi le metsi. 7Modimo wa etsa sebaka, mme wa arohanya metsi a katlase ho sebaka le metsi a ka hodimo le sebaka. Mme ha eba jwalo. 8Modimo wa bitsa sebaka mahodimo. Mme ha eba mantsiboya, ha eba hosasa: e bile letsatsi la bobedi.
9Jwale Modimo wa re: Metsi a katlase ho mahodimo a bokellwe hammoho sebakeng se le seng, mme ho hlahe moo ho omileng. Mme ha eba jwalo. 10Modimo wa bitsa moo ho omileng lefatshe, pokello ya metsi wa e bitsa mawatle; mme Modimo wa bona hoba ho molemo. 11Modimo wa re: Lefatshe le hlahise jwang, le dimela tse behang peo, le difate tse behang ditholwana ka mefuta ya tsona, tse nang le peo ya tsona lefatsheng. Mme ha eba jwalo. 12Lefatshe la hlahisa jwang, le dimela tse behang peo ka mefuta ya tsona, le difate tse behang ditholwana tse nang le peo ka mefuta ya tsona, mme Modimo wa bona hoba ho molemo. 13Mme ha eba mantsiboya, ha eba hosasa: e bile letsatsi la boraro.
14Yaba Modimo o re: Masedi ha a be teng sebakeng sa mahodimo, ho arohanya motshehare ho bosiu, e be dipontsho tsa dinako tse beilweng, le tsa matsatsi, le tsa dilemo, 15mme e be wona masedi sebakeng sa mahodimo ho bonesa lefatshe. Mme ha eba jwalo. 16Modimo wa etsa masedi a mabedi a maholo, lesedi le leholo la wona ho busa motshehare, le lesedi le lenyenyane la wona ho busa bosiu, wa etsa le dinaledi. 17Modimo wa di bea sebakeng sa mahodimo, ho edisa lefatshe, 18le ho busa motshehare le bosiu, le ho arohanya lesedi le lefifi. Mme Modimo wa bona hoba ho molemo. 19Mme ha eba mantsiboya, ha eba hosasa: e bile letsatsi la bone.
20Jwale Modimo wa re: Metsi ha a hlahise ka bongata dibopuwa tse nyekenyehang, tse phelang, mme tse rurang ha di rure hodima lefatshe, sebakeng sa mahodimo. 21Modimo wa etsa dihlapi tsa ditonana, le dibopuwa tsohle tse phelang, tse nyekenyehang, tse hlahisitsweng ke metsi ka bongata ka mefuta ya tsona, le tse rurang tsohle ka mefuta ya tsona. Mme Modimo wa bona hoba ho molemo. 22Modimo wa di hlohonolofatsa, wa re: Ngatafalang, le ate, mme metsi a mawatle a tlale tsona, mme tse rurang di ate lefatsheng. 23Mme ha eba mantsiboya, ha eba hosasa: e bile letsatsi la bohlano.
24Jwale Modimo wa re: Lefatshe ha le hlahise dibopuwa tse phelang ka mefuta ya tsona, dikgomo, le dihahabi, le diphoofolo tsa lefatshe ka mefuta ya tsona. Mme ha eba jwalo. 25Modimo wa etsa diphoofolo tsa lefatshe ka mefuta ya tsona, le makgomo ka mefuta ya wona, le dihahabi tsohle tsa lefatshe ka mefuta ya tsona. Mme Modimo wa bona hoba ho molemo. 26Modimo wa ntoo re: A re etseng motho ka setshwantsho sa rona le ka ho tshwana ha rona, mme a buse dihlapi tsa lewatle, le tse rurang tsa mahodimo, le makgomo, le lefatshe lohle, le dihahabi tsohle tse hahabang lefatsheng. 27Yaba Modimo o etsa motho ka setshwantsho sa wona: wa mo etsa ka setshwantsho sa Modimo. Wa ba esta e le e motona le e motshehadi. 28Modimo wa ba hlohonolofatsa, mme Modimo wa re ho bona: Ngatafalang, le ate, le tlale lefatsheng, le rene hodima lona, mme le buse dihlapi tsa lewatle, le tse rurang tsa mahodimo, le tsohle tse phelang, tse hahabang lefatsheng. 29Modimo wa re: Bonang, ke le neile dimela tsohle tse beang peo, tse kahohle lefatsheng, le sefate se seng le se seng se beang ditholwana tse nang le peo, e be dijo tsa lona. 30Empa ha e le diphoofolo tsohle tsa lefatshe, le tse rurang tsohle tsa mahodimo, le dihahabi tsohle tsa lefatshe, tse utlwang ke di neile jwang bohle bo botala, e be dijo tsa tsona. Mme ha eba jwalo. 31Modimo wa bona tsohle tseo o di entseng hoba di molemo haholo. Mme ha eba mantsiboya, ha eba hosasa: e bile letsatsi la botshelela.

Tans Gekies:

GENESE 1: SSO61-SO

Kleurmerk

Deel

Kopieer

None

Wil jy jou kleurmerke oor al jou toestelle gestoor hê? Teken in of teken aan

YouVersion gebruik koekies om jou ervaring persoonlik te maak. Deur ons webwerf te gebruik, aanvaar jy ons gebruik van koekies soos beskryf in ons Privaatheidsbeleid