YouVersion Logo
Search Icon

2 DIKETSAHALO 3

3
1Jwale Solomone a qala ho haha Tempele ya Morena, Jerusalema, thabeng ya Moria, seotlong sa Orenane wa Mojebuse, moo Morena a neng a iponahatse teng ho Davida, ntatae; e leng sebaka seo Davida a neng a se kgethe. 2A qala ho e haha ka letsatsi la bobedi la kgwedi ya bobedi, selemong sa bone sa puso ya hae.
3Ditekanyo tsa Tempele ya Modimo, eo Solomone a ileng a e haha, ke tsena: Bolelele e ne e le dimethara tse ka bang mashome a mabedi a metso e supileng, bophara e le dimethara tse ka bang robong. 4Bolelele ba lethule le kapele ho Tempele e ne e ka ba dimethara tse robong, bo lekana le bophara ba Tempele; bophahamo le bona e ka ba dimethara tse robong. Bokahare ba lethule a bo maneha kgauta e hlwekisitsweng.
5Mabota a Tempele a a maneha mapolanka a modutu, le wona a a kwahela ka kgauta a hlwekisitsweng. Hodima wona a etsa ditshwantsho tsa difate tsa dipalema, le meqhaka e lohilweng jwaloka ketane. 6A kgabisa Tempele ka majwe a bohlokwa, le ka kgauta e tswang Parefaime. 7A maneha bokahare ba marulelo, le dikosene tsa menyako, le mabota, le mamati a Tempele ka kgauta, mme a etsa ditshwantsho tsa dikerubime maboteng.
8A haha Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa. Bolelele ba sona bo ne bo lekana le bophara ba Tempele, e le dimethara tse ka bang robong, le bophara ba sona e le dimethara tse ka bang robong. A se maneha kgauta e hlwekisitsweng, e etsang boima ba dithane tse ka bang mashome a mabedi a motso o mong. 9Boima ba dipekere tsa kgauta e ne e ka ba dikeramo tse makgolo a tsheletseng. Le bokahare ba dikamore tse kahodimo bo ne bo manehilwe kgauta.
10Ka Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa a etsa dikerubime tse pedi, tse betlilweng, mme a di maneha kgauta. 11Bolelele ba mapheo a dikerubime ha a thathaletse e ne e ka ba dimethara tse robong. Bolelele ba lepheo le le leng la kerubime ya pele e ne e ka ba dimethara tse pedi le halofo. Le ne le thetsitse lebota la Tempele, ha lepheo le leng, le ntseng le lekana le lona, lona le ne le thetsana le lepheo la kerubime e nngwe. 12Ka mokgwa o tshwanang, lepheo le leng la kerubime ya bobedi le ne le etsa bolelele ba dimethara tse ka bang pedi le halofo, le thetsitse lebota le leng la Tempele, ha lepheo le leng, le bolelele bo lekanang le ba lepheo la pele, le ne le thetsitse lepheo la kerubime ya pele. 13Mapheo a dikerubime tsena tse pedi, ha a thathaletse, a ne a etsa bolelele ba dimethara tse ka bang robong. Dikerubime tsena di ne di eme ka maoto, di tadimile Sehalalelong.
14A etsa lesira ka masela a maputswa, le a perese, le a mafubedu, le a lene, mme a etsa ditshwantsho tsa dikerubime hodima lona.
Ditshiya tse pedi tsa lethose
(1 Dikg. 7:15-22)
15Kapele ho Tempele a haha ditshiya tse pedi, tseo bolelele ba tsona e neng e ka ba dimethara tse leshome le metso e tsheletseng. Tshiya e nngwe le e nngwe e ne e ena le kotola eo bophahamo ba yona e neng e ka ba dimethara tse pedi le halofo. 16A etsa mekgabiso e jwaloka diketane, a e bea kahodimo ho ditshiya; a etsa le dikgarenate tse lekgolo, mme a di hokela mekgabisong eo. 17A hloma ditshiya tseo kapele ho Tempele; e nngwe ya eba ka letsohong le letona, mme a e bitsa Jakine, e nngwe ya eba ka ho le letshehadi, mme a e bitsa Boase.

Currently Selected:

2 DIKETSAHALO 3: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy