YouVersion Logo
Search Icon

2 DIKETSAHALO 2

2
Ho lokisetswa ho haha Tempele
(1 Dikg. 5:1-18)
1Solomone a rera ho hahela Morena Tempele le ho ikgahela ntlo ya bokgosi. 2A kgetha banna ba dikete tse mashome a supileng ho thotha thepa ya ho haha, le ba dikete tse mashome a robedi ho betla majwe thabeng. A kgetha baokamedi ba bona ba dikete tse tharo le makgolo a tsheletseng.
3Solomone a romela molaetsa ho Hirame, kgosi ya Tire, a re: “Jwalokaha o ile wa sebetsa le Davida, ntate, wa mo romela difate tsa dikedare ho ikgahela ntlo, le nna ako sebetse le nna jwalo. 4Bona, ke hahela Morena Modimo wa ka, Tempele moo a tla kgumamellwa teng, mme ke mo abela yona. Ke moo ke tla mo tjhesetsa mokubetso o monko o monate teng. Ke moo re tla bea bohobe bo halalelang teng, re etsetse le nyehelo ya setjheso teng, hoseng le mantsiboya, le ka disabatha, le ka mekete ya ho thwasa ha kgwedi, le ka mekete e halalelang ya Morena Modimo wa rona. Ena ke taelo ya kamehla yohle e laetsweng Baiseraele.
5“Tempele ena eo ke tla e haha e kgolo hobane Modimo wa rona o moholo ho feta medimo yohle. 6Empa ke mang ya ka mo hahelang Tempele, haesitana le mahodimo a maholo hakaanakaana, a ke ke a mo lekana? Jwale ebe nna ke mang, hoo nka mo hahelang Tempele, haese feela ho haha sebakana sa ho mo tjhesetsa mahlabelo?
7“Ka lebaka lena, ako nthomelle monna wa setsebi, ya tsebang ho etsa dintho tsa kgauta, le tsa silefera, le tsa lethose, le tsa tshepe; ya tsebang le ho etsa masela a perese, le a mafubedu, le a maputswa; ya tla tseba ho rala ditshwantsho, a sebetse le banna ba ditsebi, bao ke nang le bona mona naheng ya Juda le Jerusalema, bao Davida, ntate, a seng a ba hlophile.
8“Hape o nthomelle difate tsa dikedare, le tsa modutu, le tsa alemaka, tse tswang Lebanone. Ke a tseba hore bahlanka ba hao ke ditsebi tsa ho rema difate, moo Lebanone, mme bahlanka ba ka ba tla sebetsa le ba hao, 9ba ntlhophele difate tse ngata, hobane Tempele eo ke tla e haha e tla ba kgolo ka mokgwa o makatsang. 10Ke tla o romela koro e etsang boima ba dithane tse dikete tse pedi, le harese e etsang boima ba dithane tse dikete tse pedi, le veine e etsang dilethara tse dikete tse makgolo a mane, le ole ya mohlwaare e etsang dilethara tse dikete tse makgolo a mane, hore e be dijo tsa bahlanka ba hao ba tla rema difate.”
11Yaba Hirame, kgosi ya Tire, o araba Solomone ka lengolo, o re: “Kahobane Morena a ratile setjhaba sa hae, o o entse hore o be kgosi ya sona.”
12Hirame a tswela pele, a re: “Ho bokwe Morena Modimo wa Iseraele, ya entseng lehodimo le lefatshe, ya neileng Davida mora ya bohlale, ya nang le kelello le kutlwisiso, ya tla hahela Morena Tempele, a be a ikgahele ntlo ya bokgosi.
13“Jwale ke o romela monna ya bohlale, ya nang le kutlwisiso, ya bitswang Hurame. 14Ke mora wa mosadi e mong wa ba morabe wa Dane. Ntatae o ne a ahile Tire. Monna enwa o tseba ho etsa dintho tsa kgauta, le tsa silefera, le tsa lethose, le tsa tshepe; le ho betla majwe, le ho etsa dintho tsa lehong, le tsa masela a perese, le a maputswa, le a lene e lohehileng, le a mafubedu. O tseba le ho etsa moralo wa ntho efe le efe, le ho etsa setshwantsho sa ntho efe le efe eo ho thweng a e etse. Monna enwa o tla sebetsa le ditsebi tsa hao, le ditsebi tsa monga ka Davida, ntatao.
15“Ka baka lena, monga ka a ke a romele koro, le harese, le veine, le ole, e leng tseo a buileng ka tsona, ho rona bahlanka ba hae. 16Rona re tla rema difate tsohle tseo o di hlokang, mona Lebanone, re di tlamahanye, re di akgele lewatleng, di sike le lebopo di phaphametse, ho ya fihla Jopo. Jwale wena o tla di nka, o di ise Jerusalema.”
Mosebetsi wa ho haha Tempele o a qaleha
(1 Dikg. 6:1-38)
17Solomone a bala bajaki bohle ba neng ba le naheng ya Iseraele; a ba bala jwalokaha Davida, ntatae, a ne a ile a ba bala. Ha fumanwa ba le dikete tse lekgolo le mashome a mahlano a metso e meraro, le makgolo a tsheletseng. 18Ba dikete tse mashome a supileng a ba abela ho jara thoto; ba dikete tse mashome a robedi a ba abela ho thua majwe thabeng, mme ba dikete tse tharo le makgolo a tsheletseng bona a ba abela ho hlokomela batho ba sebetsang.

Currently Selected:

2 DIKETSAHALO 2: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy