YouVersion Logo
Search Icon

LUKA 23

23
Jesu ha a le pela Pilato; — le pela Heroda. — O ahlolelwa lefu.
1Jwale ba phuthehileng kaofela ba ema, ba mo isa ho Pilato. 2Teng ba qala ho mo qosa, ba re: Re bone motho enwa a kgelosa setjhaba, o hana ha ho ntshetswa Sesare lekgetho; hape o ipitsa Kreste, morena. 3Yaba Pilato o mmotsa, a re: Na ke wena morena wa Bajuda na? Jesu a araba, a re: O a bolela.
4Pilato a bolella baprista ba baholo le bongata, a re: Ha ke fumane molato ho motho eo. 5Empa ba phehella, ba re: O ferekanya setjhaba ka ho ruta Judea kaofela; esale a qala ka Galelea ho fihlela mona.
6Pilato, ha a utlwa ba bolela Galelea, a botsa hore na ke motho wa Galelea na?
7Eitse ha a utlwile hoba ke wa mmuso wa Heroda, a mo romela ho Heroda, ya neng a le Jerusalema mehleng eo le yena.
8Heroda, eitse ha a bona Jesu, a thaba haholo; hobane e ne e le kgale a rata ho mmona, ka baka la taba tse ngata tseo a di utlwileng hodima hae; o ne a tshepa hoba o tla mmona a etsa mohlolo o mong. 9A mmotsa ditaba tse ngata; empa Jesu ha a ka a mo araba letho. 10Baprista ba baholo le bangodi ba ema, ba mo qosa ka matla. 11Mme Heroda a mo nyedisa a ena le bahlabani ba hae, a mo soma; mme eitse hobane a mo apese kobo e ntlentle, a mo kgutlisetsa ho Pilato. 12Ka lona letsatsi leo, Pilato le Heroda ba qala ho ratana; athe pele ba ne ba hloyane.
13Jwale Pilato a bokella hammoho baprista ba baholo, le mahosana, le setjhaba; 14a re ho bona: Le tlisitse motho enwa ho nna, la re, o kgelosa setjhaba; bonang, nna ke mmotsisitse le le teng, mme ha ke a ka ka fihlela molato leha o le mong ho motho enwa, wa ditaba tseo le mo qosang ka tsona. 15Ho dutse jwalo le Heroda, hobane o mo kgutliseditse ho rona; mme bonang motho enwa ha a ka a etsa letho le tshwanelwang ke lefu. 16Ka baka leo, ke tla mo shapa, ke ntoo mo lokolla.
17Pilato o ne a tshwanetse ho ba lokollela e mong ka mokete o mong le o mong. 18Yaba bongata bo howa kaofela, ba re: Tlosa enwa, o re lokollele Barabase. 19Eo e ne e le monna ya kenntsweng teronkong ka baka la moferefere oo a neng a o tsositse hara motse, le ka baka la polao. 20Pilato, ka ho rata ho lokolla Jesu, a boela a bua le bona. 21Empa ba eketsa ho howa, ba re: Mo thakgise! Mo thakgise! 22A bua le bona la boraro, a re: Enwa o entse bobe bofe? Ha ke fihlele molato ho yena, o tshwanelwang ke lefu. Ke tla mo shapa, ke ntoo mo lokolla. 23Empa ba howa ka mantswe a maholo, ba kopa hore a thakgiswe. Mehoo ya bona le ya baprista ba baholo ya hlola. 24Pilato a kgaola, a re, ho etswe kamoo ba kopang kateng. 25A ba lokollela ya qetsweng ke bona, ya neng a kenntswe teronkong ka baka la moferefere le la polao; mme a ba neela Jesu hore a etswe kamoo ba ratang kateng.
Jesu o a thakgiswa.
26Eitse ha ba mo isa polaong, ba tshwara e mong ya bitswang Simone, wa Sirene, ya neng a etswa masimong, ba mo jarisa sefapano kamora Jesu.
27 Jesu a latelwa ke bongata bo boholo ba batho, le ke basadi ba itetang difuba, ba mo llelang. 28Empa Jesu a retelehela ho bona, a re ho bona: Baradi ba Jerusalema, se nteleleng, le mpe le llele lona le bara ba lona; 29hobane, bonang, mehla e a tla eo ho tla thwe: Ho lehlohonolo dinyopa, le mala a sa kang a tswala, le matswele a sa kang a anyesa. 30Mohlang oo, ba tla qala ho re ho dithaba: Le re wele hodimo; le ho maralla: Le re pupetse; 31hobane ekare ha ba etsa tseo ho sefate se setala, ho tla etswa jwang ho se omileng?
32Mme ba ne ba isa le ba bang ba babedi e leng disenyi, ho ya bolawa le yena.
33Eitse hobane ba fihle thoteng e bitswang Lehata, ba mo thakgisa moo le disenyi tseo, se seng ka letsohong le letona, se seng ka ho le letshehadi. 34Empa Jesu o ne a re: Ntate, o ba tshwarele, hobane ha ba tsebe seo ba se etsang. Mme ba arolelana diaparo tsa hae ka ho di laola ka lotho.
35Batho ba ne ba eme ba tadimile; babusi le bona ba ne ba mo soma, ba re: O pholositse ba bang; ha a ipholose le yena, haele yena Kreste, mokgethwa wa Modimo! 36Le bona bahlabani ba ne ba mo soma, ba mo atamela, ba mo nea asene; 37ba re: Ekare ha o le morena wa Bajuda, o ipholose.
38Hape, ho no ho manehilwe lengolo kahodimo ho yena, le ngodilweng ka diletere tsa Segerike, le tsa Seroma, le tsa Seheberu, le reng: Enwa ke morena wa Bajuda.
39Se seng sa disenyi tse thakgisitsweng se ne se mo soma le sona, se re: Ekare haele wena Kreste, o ipholose, le rona o re pholose. 40Empa se seng sa kgalemela seo, sa re: Na wena ha o tshabe Modimo keng, kanthe o tsuong e le nngwe le enwa? 41Athe haele rona, ho re loketse, hobane re nka se tshwanetseng tseo re di entseng; empa enwa ha a ka a etsa letho le kgopo. 42Yaba se re ho Jesu: Morena, o nkgopole ha o kena mmusong wa hao! 43Jesu a re ho sona: Kannete ke re ho wena: O tla ba le nna kajeno Paradeiseng.
44E ne e le hora e batlileng ho tshelela, mme lefifi la eba teng naheng yohle, ho fihlela hora ya boroba mono o le mong. 45Letsatsi la fifala, mme lesela la tempele la hahoha ka lehare.
46Jesu hobane a meketse ka lentswe le leholo, a re: Ntate, ke neela moya wa ka matsohong a hao! Eitse hobane a rialo, a neela moya.
47Yare molaodi wa lekgolo ha a bona se hlahileng, a rorisa Modimo, a re: Ruri motho eo o ne a lokile!
48Batho kaofela ba neng ba phuthehile ho tla boha, ba kgutla, ha ba bone tse hlahileng, ba ntse ba iteta difuba. 49Haele ba tsebanang le yena kaofela, le basadi ba neng ba mo latetse ha a etswa Galelea, ba ne ba eme kathoko, ba tadimile tse etswang.
Kepelo ya setopo sa Jesu.
50Monna ya bitswang Josefa, monna wa lekgotla, o ne a le teng, e le monna ya molemo, ya lokileng. 51O ne a sa ka a dumela morero wa ba bang le diketso tsa bona. E ne e le wa Arimathea, motse wa Bajuda, mme le yena o ne a lebeletse mmuso wa Modimo. 52Motho eo a ya ho Pilato, a kopa setopo sa Jesu. 53Eitse hobane a se fanyolle, a se phuthela leseleng, a se pata lebitleng le tjhekilweng lefikeng, moo ho neng ho eso ho patwe motho teng. 54Tsatsi leo e ne e le la hlekelo, mme e ne e se e tla ba Sabatha.
55Athe basadi ba neng ba tswile Galelea ba latela Jesu, ba tadima lebitla, le kamoo setopo sa Jesu se bewang kateng. 56Ba kgutla, ba lokisa dinoko le ditlolo; mme ka letsatsi la Sabatha, ba phomola ka molao.

Currently Selected:

LUKA 23: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy