YouVersion Logo
Search Icon

LUKA 22

22
Mahlomola a Jesu. — Morero wa baprista.
1Mokete wa mahobe a se nang ditomoso, o bitswang Paseka, o ne o atametse. 2Baprista ba baholo le bangodi ba ne ba batla kamoo ba ka bolayang Jesu kateng; hobane ba ne ba tshaba setjhaba.
Keko ya Judase.
3Yaba Satane o kena ho Judase, ya bitswang Iskariota, eo e neng e le wa palo ya ba leshome le metso e mmedi. 4A ya ho baprista ba baholo, le ho balaodi ba makgotla, ho rera le bona kamoo a tla ba neela yena kateng. 5Ba thaba haholo, mme ba dumellana hammoho ho mo nea tjhelete. 6Mme ha a se a dumetse, a batla sebaka sa ho ba neela yena, setjhaba se sa tsebe.
Paseka le Selallo.
7Eitse letsatsi la mahobe a se nang ditomoso ha le fihlile, leo batho ba tshwanetseng ho hlaba Paseka ka lona, 8Jesu a roma Petrose le Johanne, a re: Eyang, le re lokisetse Paseka, re tle re e je. 9Ba re ho yena: O rata hore re e lokise kae? 10A re ho bona: Etlare ha le kena motseng, le tla kgahlana le motho ya jereng nkgo ya metsi; le mo latelle tlung eo a tla kena ho yona; 11mme le re ho monga ntlo: Moruti o re ho wena: Ntlo e kae eo ke tla jela Paseka le barutuwa ba ka ho yona? 12O tla le bontsha ntlo e kahodimo e kgolo, e kgabisitsweng. Le lokise Paseka teng. 13Eitse ha ba ile, ba fihlela ho le jwalokaha a ba boleletse; mme ba lokisa Paseka.
14Nako ha e tlile, a dula tafoleng le baapostola ba leshome le metso e mmedi. 15A re ho bona: Ke lakaditse haholo ho ja Paseka ena le lona, ke eso ho utlwe bohloko. 16Hobane ke re ho lona: Ha ke sa tla hlola ke e ja, e tle e be e phethehe mmusong wa Modimo.
17Jwale a nka senwelo, a leboha, a re: Se nkeng, le se sielane. 18Hobane ke re ho lona: Ha ke sa tla hlola ke enwa se behwang ke morara, ho tle ho be ho fihle mmuso wa Modimo. 19A ntoo nka bohobe, mme eitse hobane a lebohe, a bo ngwatha, a ba nea bona, a re: Hona ke mmele wa ka, o neelwang lona; etsang hona hore le tle le nne le nkgopole. 20A etsa jwalo le ka senwelo, ha ba se ba laletse, a re: Senwelo sena ke selekane se setjha mading a ka, a tshollelwang lona.
21Empa, bonang, letsoho la ya nkekang le na le nna tafoleng. 22Haele Mora motho, o ikela jwalokaha ho laetswe; empa ho madimabe motho ya mo ekang. 23Mme ba qala ho botsana hore na ekaba ke mang hara bona ya tla etsa hona!
E moholo ke mang?
24Kgang le yona ya eba teng hara bona ya ho tseba hore na ke ofe wa bona ya ka lekanngwang hoba ke e moholo. 25Empa a re ho bona: Marena a ditjhaba a di busa, mme ba di busang ho thwe, ke bababalli ba tsona. 26Ho se ke ha eba jwalo ho lona; empa e moholo hara lona a be jwaloka e monyenyane, mme ya busang a be jwaloka ya sebeletsang. 27Hobane e moholo ke mang? A ke ya dutseng tafoleng, kapa a ke ya sebeletsang na? Na hase ya dutseng tafoleng na? Empa nna, ke hara lona jwaloka ya sebeletsang. 28Ke lona ba tiiseditseng le nna melekong ya ka. 29Mme nna ke le nea mmuso, jwalokaha Ntate a nneile wona, 30le tle le be ba jang le ba nwang tafoleng ya ka mmusong wa ka; mme le tle le dule diteroneng, le ahlole meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele.
Petrose o porofetelwa tatolo ya hae.
31Morena a re: Simone! Simone! bona, Satane o le qetse hore a le hlokole jwaloka koro; 32empa nna ke o rapeletse hore tumelo ya hao e tle e se ke ya fela. Jwale, wena, etlere hobane o bake, o tiise banabeno. 33Simone a re ho yena: Morena, ke itokisitse ho ya le wena teronkong, leha e le lefung. 34Empa Jesu a re: Petrose, ke a o bolella hoba mokoko o ke ke wa lla kajeno, o eso ho latole hararo hore o a ntseba.
35Yaba o re ho bona: Mohla ke neng ke le romile le se na mokotlana wa ditjhelete, le mokotla wa tsela, le dieta, na le kile la hloka ho hong na? Ba re: Ha ho letho leo re kileng ra le hloka. 36A re ho bona: Empa jwale, ya nang le mokotlana wa ditjhelete a o nke le wona makotla wa tsela; ya hlokang sabole a ithekele yona ka kobo ya hae. 37Hobane ke le bolella hore taba e ngodilweng e tshwanetse ho phethehala ho nna, e reng: O badilwe le bakgopo. Hobane ditaba tsa ka di ya ho feleng ha tsona. 38Yaba ba re: Morena, bona, disabole tse pedi ke tsena. A re ho bona: Ho lekane.
Gethesemane.
39Yaba o a tloha, a ya thabeng ya Mehlwaare, ka temalo ya hae; mme barutuwa ba hae ba mo latela. 40Yare ha a fihlile teng, a re ho bona: Rapelang, hore le se kene molekong. 41A ntoo ya hojana le bona, sebaka se ka fihlewang ke lejwe ha le betswa; a kgumama ka mangwele a rapela, 42a re: Ntate, hoja o ka rata ho suthisa senwelo sena pela ka! empa ho se ke ha etswa thato ya ka, ho etswe ya hao. 43Yaba lengeloi le hlaha ho yena, le etswa lehodimong, la mo matlafatsa. 44Eitse ha a le matswalong a maholo, a eketsa ho rapela ka matla; mme dikgororo tsa hae tsa eba jwaloka marothodi a madi a rothelang fatshe. 45Yare ha a tsoha thapelong, a tla ho barutuwa ba hae, a ba fumana ba robetse ke ho swaba; 46a re ho bona: Na le robetse keng? Tsohang, le rapele, hore le se kene molekong.
Jesu o a tshwarwa.
47A re a sa bua, sehlopha sa hlaha, mme ya bitswang Judase, e mong wa ba leshome le metso e mmedi, o ne a se eteletse pele; a atamela ho Jesu ho mo aka. 48Empa Jesu a re ho yena: Judase, hleka o eka Mora motho ka kako na? 49Yaba ba nang le yena, ha ba bona se tla hlaha, ba re ho yena: Morena, a re tla hlatha ka sabole na? 50Yaba e mong wa bona o hlatha mohlanka wa moprista e moholo, a mo kgaola tsebe e tona. 51Empa Jesu a bua, a re: Ba leseleng ho fihlela hona! Mme a ama tsebe ya motho eo, a mo fodisa.
52Yaba Jesu o bolella baprista ba baholo, le balaodi ba tempele, le baholo ba tlileng ho mo tshwara, a re: Le tlile ka disabole le ka melamu, jwalokaha eka le batla leshodu! 53Ke ne ke ntse ke na le lona tempeleng ka tsatsi le leng le le leng, mme ha le a ka la bea matsoho ho nna; empa ke yona nako ya lona le matla a lefifi. 54Jwale ba phakisa ba mo tshwara, ba ya le yena, ba mo isa tlung ya moprista e moholo. Haele Petrose a latela a le hole.
Tatolo ya Petrose.
55Eitse ha ba besitse mollo kahara lebala, ba dutse hammoho, Petrose a dula hara bona. 56Jwale, lekgabunyane le leng, ha le mmona a dutse pela mollo, la mo hlaba ka mahlo, la re: Le enwa o ne a na le yena. 57Empa a mo latola, a re: Mosadi, ha ke mo tsebe. 58Hamoraonyana, e mong a mmona, a re: Le wena o wa bona. Empa Petrose a re: Monna towe, ha ke wa bona. 59Ha ya motsotso o kang wa hora e le nngwe, e mong a omela, a re: Kannete le enwa o ne a na le yena; hobane ke Mogalelea. 60Empa Petrose a re: Monna towe, ha ke tsebe seo o se bolelang. Empa hanghang, a re a sa bua, mokoko wa lla. 61Morena a reteleha, a sheba Petrose. Mme Petrose a elellwa polelo ya Morena kamoo a neng a mmolelete kateng, a re: Mokoko ha o eso ho lle, o tla be o se o ntatotse hararo. 62Yaba Petrose o tswela ntle, a lla habohloko.
63Banna ba tshwereng Jesu ba ne ba mo soma, mme ba mo otla. 64Ba mo kwahela mahlo, ba mo wahlela, ba mmotsa, ba re: Porofeta! ke mang ya o otlileng. 65Ba mo nyefola le ka ditaba tse ding tse ngata, tseo ba mo hlabang ka tsona.
Jesu o hlahiswa pela lekgotla. — Tsuo ya hae.
66Eitse hobane bo se, baholo ba setjhaba, le baprista ba baholo, le bangodi, ba bokana, mme ba mo isa lekgotleng la bona. 67Ba re ho yena: Ha o le Kreste, o re bolelle. Empa a re ho bona: Leha nka le bolella, le ke ke la dumela; 68mme leha nka le botsa, le ke ke la nkaraba le hona, mme le ke ke la ntesa ka ya. 69Ho qala jwale, Mora motho o tla be a dule letsohong le letona la matla a Modimo. 70Yaba bohle ba re: Na ke ho re, o Mora Modimo na? A re ho bona: Le a bolela; ke yena. 71Ba re: Dipaki re sa di batlelang, ha e le moo re ikutlwetse molomong wa hae?

Currently Selected:

LUKA 22: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy