Logo YouVersion
Ikona vyhledávání

TSHIMOLOHO 2

2
1Ka mokgwa o jwalo Modimo a qeta ho etsa lehodimo, le lefatshe, le tsohle tse lehodimong, le lefatsheng, le lewatleng.
2Ka letsatsi la bosupa Modimo a phetha mosebetsi wa hae, oo a o entseng, mme ka letsatsi la bosupa a phomola mosebetsing wa hae wohle, oo a o entseng. 3Modimo a hlohonolofatsa letsatsi leo la bosupa, a le halaletsa, hobane ka lona o ile a phomola mosebetsing wa hae wohle, oo a o entseng ka ho o hlola.
4Ena ke yona tshimoloho ya lehodimo le lefatshe, ha di ne di hlolwa.
Popo ya monna le mosadi
Mohla Morena Modimo a etsang lefatshe le lehodimo, 5ho ne ho eso be le dimela dife kapa dife lefatsheng; ho eso mele ditlama dife kapa dife tsa naha, hobane Morena Modimo o ne a eso nese pula lefatsheng, mme ho bile ho se na le motho ya ka lemang mobu. 6Empa ha nyoloha mohodi lefatsheng, wa kolobisa mobu wohle lefatsheng.
7Morena Modimo a bopa motho ka lerole le tswang mobung; ka dinkong tsa hae a budulela moya wa bophelo, mme motho ya eba sebopuwa se phelang.
8Yaba Modimo o lema serapa, Edene, ka nqa botjhabela, mme ho sona a bea motho eo a mmopileng. 9Serapeng seo Morena Modimo a medisa mefuta yohle ya difate tse kgahlang mahlo, tse monate ha di jewa; bohareng ba serapa a medisa sefate sa bophelo, le sefate sa ho tseba botle le bobe.
10Noka e ne e phalla hara Edene, e nwesetsa serapa. Ho tloha moo e ne e arohana, e etsa dinoka tse nne. 11Noka ya pele e bitswa Pishone; ke yone e phallang, e tswedipana hara naha yohle ya Hafila, moo ho nang le kgauta. 12Kgauta ya naha eo ke e ntlentle. Ho na le mamina a difate a monko o monake, le majwe a bohlokwa. 13Noka ya bobedi e bitswa Gihone; ke yona e phallang, e tswedipana hara naha ya Kushe. 14Noka ya boraro e bitswa Tigerese; ke yona e fetang ka botjhabela ho Asure. Noka ya bone ke Euferatese.
15Morena Modimo a nka motho, a mmea serapeng sa Edene hore a se leme, a se hlokomele. 16Yaba Morena Modimo o laela motho, o re: “O ka ja difate tsohle tsa serapa ka bolokolohi, 17empa ha e le sefate sa ho tseba botle le bobe, sona o se ke wa se ja, hobane mohla o ka se jang, ruri o tla shwa.”
18Jwale Morena Modimo a re: “Hase hantle hore motho a be inotshi; ke tla mo etsetsa molekane ya mo thusang.”
19Yaba Morena Modimo o bopa diphoofolo tsohle tsa naha ka mobu, le dinonyana tsohle tse fofang, a di tlisa ho motho ho bona hore na a ka di rea mabitso afe. Kamoo motho a ileng a bitsa sebopuoa se seng le se seng se phelang kateng, yaba hoo e se e le lebitso la sona. 20Jwale motho a di rea mabitso; makgomo wohle, le dinonyana tse fofang, le diphoofolo tsohle tsa naha.
Empa ha e le motho yena ha a a ka a fumanelwa molekane ya mo thusang. 21Yaba Morena Modimo o tshwarisa motho boroko bo boholo, mme a kgaleha. Jwale Morena Modimo a ntsha le leng la mahopo a hae, a nto busetsa nama madulong a yona. 22Ka lehopo leo Morena Modimo a le ntshitseng ho motho, a bopa mosadi, a mo tlisa ho motho. 23Yaba motho o re:
“Enwa ke lesapo la masapo a ka,
le nama ya nama ya ka;
o tla bitswa Mosadi,
hobane a ntshitswe ho Monna.”
24Ka baka lena, monna o tla tlohela ntatae le mmae, a matahane le mosadi wa hae, mme ba tla fetoha ntho e le nngwe.
25Ka bobedi ba bona monna le mosadi wa hae, ba ne ba sa tena letho, empa ba sa hlajwe ke dihlong.

Právě zvoleno:

TSHIMOLOHO 2: SSO89SO

Zvýraznění

Sdílet

Kopírovat

None

Chceš mít své zvýrazněné verše uložené na všech zařízeních? Zaregistruj se nebo se přihlas

YouVersion používá soubory cookie adaptované na vaše potřeby. Používáním našich webových stránek souhlasíte s používáním souborů cookie, jak je popsáno v našich Zásadách ochrany osobních údajů