YouVersion Logo
Search Icon

JOHANNE 21

21
Jesu o iponahatsa ho barutuwa ba supileng
1Kamora ditaba tsena Jesu a iponahatsa hape ho barutuwa a le lebopong la letsha la Tiberiase. A iponahatsa ka mokgwa ona: 2Simone Petrose, le Thomase ya bitswang Lefahla, le Nathanaele wa Kana e Galelea, le bara ba Sebedea, le barutuwa ba bang ba babedi, ba ne ba le hammoho. 3Simone Petrose a re ho bona: “Ke sa ilo tshwasa ditlhapi.”
Ba re ho yena: “Le rona re ya le wena.” Ba tloha, ba kena ka sekepeng, empa bosiung boo ba se ke ba tshwasa letho.
4Kameso, Jesu a ema lebopong, feela barutuwa ba sa tsebe hore ke Jesu.
5Jesu a re ho bona: “Bana ba ka, na le na le tlhapi?”
Ba mo araba, ba re: “Tjhe.”
6A re ho bona: “Akgelang letlowa lehlakoreng le letona la sekepe, mme le tla tshwasa.” Yaba ba a le akgela, mme ba sitwa ho le hula ka baka la bongata ba ditlhapi.
7Jwale morutuwa eo Jesu a mo ratang a re ho Petrose: “Ke Morena!” Simone Petrose, ha a utlwa hore ke Morena, a apara, hobane o ne a hlobotse, mme a itihela letsheng. 8Barutuwa ba bang ba tla ka sekepe, ba hula letlowa la ditlhapi, hobane ba ne ba se hole le lebopo, ba ne ba ka ba dimethara tse lekgolo. 9Jwale ha ba etswa ka sekepeng ba fihla lebopong, ba bona mollo wa mashala, le tlhapi e besitsweng hodima wona, le bohobe.
10Jesu a re ho bona: “Tlisang tse ding tsa ditlhapi tseo le tswa di tshwasa.”
11Simone Petrose a hlwella ka sekepeng, a hulela lebopong letlowa le tletseng ditlhapi tse kgolo, tse lekgolo le mashome a mahlano a metso e meraro, empa leha di ne di le ngata hakaalo, letlowa ha le a ka la taboha. 12Jesu a re ho bona: “Tloong le je!” Ka ho tseba hore ke Morena, ha se ke ha eba le ya mong wa barutuwa ya betang pelo ho mmotsa, ho re: “O mang?” 13Jesu a tla, a nka bohobe, a ba nea bona; le ka tlhapi a etsa jwalo. 14E ne e se e le kgetlo la boraro Jesu a iponahatsa ho barutuwa, hoba a tsohe bafung.
Jesu le Petrose
15Jwale ha ba se ba jele, Jesu a re ho Simone Petrose: “Simone, mora Johanne, na o nthata ho feta baa na?”
A re ho yena: “E, Morena, o a tseba hore ke a o rata.”
Jesu a re ho yena: “Alosa dikonyana tsa ka!”
16A boela a re ho yena kgetlo la bobedi: “Simone, mora Johanne, na o a nthata na?”
A re ho yena: “E, Morena, o a tseba hore ke a o rata.”
A re ho yena: “Disa dinku tsa ka!”
17A re ho yena kgetlo la boraro: “Simone, mora Johanne, na o a nthata na?”
Petrose a swaba hobane a itse ho yena kgetlo la boraro: “Na o a nthata na,” mme a re ho yena: “Morena, o tseba tsohle, o a tseba hore ke a o rata.” Jesu a re ho yena: “Alosa dinku tsa ka! 18Kannetenete, ke a o bolella, ha o ne o sa le motjha o ne o ikapesa, o tsamaya moo o ratang teng, empa ha o se o tsofetse, o tla otlolla matsoho a hao, mme e mong o tla o apesa, a o ise moo o sa rateng teng.” 19O ne a bolela hona ho supa hore na o tla tlotlisa Modimo ka lefu le jwang. Hoba a rialo, a re ho yena: “Ntatele!”
Jesu le morutuwa ya ratwang
20Petrose ha a reteleha, a bona morutuwa eo Jesu a mo ratang a ba latetse. Ke yena ya neng a itshetlehile sefubeng sa Jesu ha ba le dijong tsa mantsiboya, ya neng a re: “Morena, ya o ekang ke mang?” 21Petrose ha a bona eo, a re ho Jesu: “Morena, eo o tla fella kae?”
22Jesu a re ho yena: “Ha ke rata hore a phele ho fihlela ke kgutla, o tshwenngwa keng? Wena, ntatele!” 23Jwale taba ena ya hore morutuwa eo ha a na ho shwa, ya anela hara badumedi. Empa Jesu o ne a sa ka a re ho yena ha a na ho shwa, a mpa a itse: “Ha ke rata hore a phele ho fihlela ke kgutla, o tshwenngwa keng?”
24Ke yena morutuwa enwa ya pakang ditaba tsena, ya di ngotseng, mme re tseba hore bopaki ba hae ke nnete.
25Ho sa na le tse ding tse ngata, tseo Jesu a di entseng, tseo ha di ka ngolwa ka bonngwe, ke hopolang hore le lefatshe le ke ke la ba le sebaka se lekanang ho boloka dibuka tse ka ngolwang.

Currently Selected:

JOHANNE 21: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy