Jwale ha ba se ba jele, Jesu a re ho Simone Petrose: “Simone, mora Johanne, na o nthata ho feta baa na?”
A re ho yena: “E, Morena, o a tseba hore ke a o rata.”
Jesu a re ho yena: “Alosa dikonyana tsa ka!”
A boela a re ho yena kgetlo la bobedi: “Simone, mora Johanne, na o a nthata na?”
A re ho yena: “E, Morena, o a tseba hore ke a o rata.”
A re ho yena: “Disa dinku tsa ka!”
A re ho yena kgetlo la boraro: “Simone, mora Johanne, na o a nthata na?”
Petrose a swaba hobane a itse ho yena kgetlo la boraro: “Na o a nthata na,” mme a re ho yena: “Morena, o tseba tsohle, o a tseba hore ke a o rata.” Jesu a re ho yena: “Alosa dinku tsa ka!