YouVersion Logo
Search Icon

SAKARIYA 3

3
Pono ya bone: Satane o qosa Joshua
1Morena a mpontsha Joshua, Moprista e Moholo, a eme kapele ho lengeloi la Morena, le Satane a eme ka letsohong le letona la Joshua, a itokisetsa ho mo qosa. 2Morena a re ho Satane: “Wena Satane, Morena o a o kgalemela! Morena ya ikgethetseng Jerusalema o a o kgalemela! Na motho eo hase lefatsa le hutsweng mollong le ntse le tuka?”
3Joshua o ne a eme kapele ho lengeloi, a apere diaparo tse ditshila. 4Lengeloi la bua le ba neng ba eme kapele ho lona, la re: “Mo hlobodiseng diaparo tsena tse ditshila!”
La nto re ho Joshua: “Bona, ke fedisitse bokgopo ba hao, mme ke tla o apesa diaparo tse ntlentle.”
5Yaba lengeloi le re: “Mo rweseng tuku e hlwekileng hloohong.” Ba mo rwesa tuku e hlwekileng, ba mo apesa diaparo tse ntlentle, lengeloi la Morena le ntse le eme moo.
6Lengeloi la Morena la nto laya Joshua, la re: 7“Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Ha o ka tsamaya ditseleng tsa ka, wa mamela ditaelo tsa ka, o tla okamela Tempele ya ka le mabala a yona, mme o tla ba mosebeletsi jwaloka banna bana ba emeng mona.
8“ ‘Oho, wena Joshua, Moprista e Moholo, wena le balekane ba hao ba dutseng kapele ho wena; lona bohle ba dupang tse molemo, mamelang mona: Ke tla romela mohlanka wa ka, e leng Lekala! 9Bonang, lejwe lena leo ke le beileng kapele ho Joshua ke lejwe le le leng, le nang le mahlakore a supileng, mme ke tla ngola hodima lona,’ ho rialo Morena wa mabotho. ‘Ke tla fedisa sebe sa naha ena ka tsatsi le le leng.
10“ ‘Mohla tsatsi leo,’ ho rialo Morena wa mabotho, ‘motho ka mong o tla mema wa habo, ba dule tlasa sefate sa morara le tlasa sefate sa feiye.’ ”

Currently Selected:

SAKARIYA 3: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy