YouVersion Logo
Search Icon

HAGAI 2

2
Botle ba Tempele e ntjha
1Ka letsatsi la mashome a mabedi a motso o mong la kgwedi ya bosupa, Morena a bua ho moporofeta Hagai, a re: 2“Bua ho Serubabele, mora wa Shealetiele, mmusisi wa Juda, le ho Joshua, mora wa Jehosadake, Moprista e Moholo, le ho masalla wohle a setjhaba, o ba botse, o re: 3‘Na ho sa na le ya mong hara lona ya ka hopolang kamoo Tempele ee e neng e le ntle kateng mehleng ya pele? Kajeno le e bona e le jwang? Na ha le bone e se letho? 4Empa jwale beta pelo, wena Serubabele!’ ho rialo Morena. ‘Beta pelo, wena Joshua, mora wa Jehosadake, Moprista e Moholo! Betang pelo, lona setjhaba sohle sa naha ena!’ ho rialo Morena. ‘Sebetsang, hobane ke na le lona,’ ho rialo Morena wa mabotho. 5‘Jwalokaha ke ne ke le tshepise mohla le tswang Egepeta, ke ntse ke ena le lona ka moya, le se tshabe letho.’
6“Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Haufinyane ke tla boela ke reketlisa mahodimo le lefatshe, le mawatle le mobu o sebataolo. 7Ke tla sisinya ditjhaba tsohle, mme matlotlo a ditjhaba kaofela a tla tliswa ka Tempeleng, e be e tlale tlotla ya ka,’ ho rialo Morena wa mabotho. 8‘Silefera ke ya ka, le yona kgauta ke ya ka,’ ho rialo Morena wa mabotho. 9‘Tlotla ya Tempele ena e ntjha e tla feta tlotla ya Tempele ya pele,’ ho rialo Morena wa mabotho. ‘Ke tla tlisa kgotso ka tlung ena,’ ho rialo Morena wa mabotho.”
Moporofeta o botsa baprista
10Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi ya borobong, ka selemo sa bobedi sa puso ya Dariuse, Morena a bua ho moporofeta Hagai, a re: 11“Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Botsa baprista hore na Molao o reng: 12Ha motho a ka phuthela nama e halaleditsweng ka lemeno la kobo ya hae, ebe lemeno leno le thetsa bohobe, kapa lesheleshele, kapa veine, kapa ole, kapa sejo se seng feela, na tseo le tsona di tla halaletswa?’ ”
Baprista ba mo araba, ba re: “Tjhe!”
13Yaba Hagai o re: “Haeba motho ya silafaditsweng ke ho ama setopo a ka thetsa e nngwe ya dintho tseo tse boletsweng, na di ka silafala?”
Baprista ba mo araba, ba re: “E, di tla silafala.”
14Yaba Hagai o re: “ ‘Ho jwalo le ho batho bana, le ho setjhaba sena se kapele ho nna,’ ho rialo Morena. ‘Mesebetsi yohle ya matsoho a sona e jwalo, le tseo se nyehelang ka tsona ka Tempeleng di silafetse.’ ”
Morena o ba tshepisa tlhohonolofatso ya hae
15“ ‘Jwale ke a le kopa: Ho tloha kajeno nahanang se ileng sa etsahala mehleng ya pele, le eso ka le tsosa Tempele ya Morena. Ho ne ho le jwang? 16Ha motho a ne a eya setheng sa mabele, seo a lekanyang hore se etsa boima ba dikilo tse makgolo a mabedi, o ne a fumana tse lekgolo feela. Ha e mong a ne a eya morifing wa veine, ho ya kga dilethara tse lekgolo, o ne a fumana tse mashome a mane feela. 17Ke ile ka senya dijalo tsa lona ka phori, le ka boroku, le ka sefako, empa ha le a ka la kgutlela ho nna,’ ho rialo Morena. 18‘Ho tloha kajeno, ho tloha hona ka tsatsi lena la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi ya borobong, hopolang letsatsi lena leo ka lona ho neng ho etswe motheo wa Tempele ya Morena. Hopolang letsatsi lena hantle: 19Na ho sa na le peo e setseng ka sesiung? Ho fihlela jwale difate tsa morara, le tsa feiye, le tsa dikgarenate, le tsa mohlwaare, ha di eso behe ditholwana!
“ ‘Ho tloha ka tsatsi lena, ke tla le hlohonolofatsa.’ ”
Morena o etsetsa Serubabele tshepiso
20Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi, Morena a boela a bua ho Hagai, a re: 21“Bolella Serubabele, mmusisi wa Juda, hore ke tla reketlisa mahodimo le lefatshe. 22Ke tla phethola diterone tsa dikgosi, ke fedise matla a mebuso ya baditjhaba. Ke tla phethola dikariki tsa ntwa le ba di palameng; dipere di tla shwa, le bapalami ba tsona ba bolayane ka disabole tsa bona.
23“Mohla tsatsi leo, wena mohlanka wa ka, Serubabele, mora wa Shealetiele, ke tla o nka, ke o sebedise jwaloka lesale la ka la tiiso, hobane ke o kgethile,” ho rialo Morena wa mabotho.

Currently Selected:

HAGAI 2: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy