YouVersion Logo
Search Icon

2 JOHANNE 1

1
Tumediso
1Nna, moholo wa Kereke, ke dumedisa mofumahadi ya kgethilweng, le bana ba hae, bao ke ba ratang kannete. Ha ba ratwe ke nna feela, empa ba ratwa le ke bohle ba tsebang nnete. 2Ke ba rata ka baka la nnete e ka ho rona, e tla nne e be ka ho rona kamehla yohle.
3Ke re: Mohau, le lereko, le kgotso ya Modimo Ntate le ya Morena Jesu Kreste, Mora wa Ntate, di ke di be le lona ka nnete le ka lerato.
Nnete le lerato
4Ke ile ka itumela haholo, hobane ke fumane ba bang ba bana ba hao ba tsamaya nneteng, jwalokaha re laetswe ke Ntate. 5Jwale ke a o kopa, mofumahadi, ke re a re rataneng. Ka ho rialo ha ke o ngolle taelo e ntjha, empa ke taelo eo re bileng le yona ho tloha tshimolohong. 6Seo lerato le leng sona ke hore re tsamaye ka ditaelo tsa hae. Taelo eo esaleng le e utlwa ho tloha tshimolohong ke hore le phele ka lerato.
7Hohle lefatsheng ho tletse bathetsi, ba sa pakeng hore Jesu o ile a tla e le motho. Ya buang jwalo ke yena mothetsi le Sera sa Kreste. 8Itlhokomeleng, esere la lahlehelwa ke tseo le di sebeleditseng, le tle le mpe le amohele moputso o tletseng. 9Mang le mang ya kgelohang, ya sa kgomareleng thutong ya Kreste, Modimo ha a yo ka ho yena, empa ya kgomarelang thutong ya Kreste, ke yena eo Ntate le Mora ba leng ka ho yena. 10Haeba e mong a ka tla ho lona, feela a sa tlise thuto ena, le se ke la mo amohela malapeng a lona, leha e le hona ho mo dumedisa. 11Ya mo dumedisang o iketsa molekane wa hae mesebetsing ya hae e kgopo.
Ditumediso tsa ho qetela
12Ke sa na le tse ngata, tseo nka le bolellang tsona, empa ha ke rate ho di ngola; feela ke tshepa hore ke tla le etela, ke tle ke bue le lona re shebane, e le hore thabo ya rona e tle e be e tletseng.
13Bana ba ngwaneno ya kgethilweng ba a o dumedisa.

Currently Selected:

2 JOHANNE 1: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy