YouVersion Logo
Search Icon

1 JOHANNE 5

5
Tumelo e hlola lefatshe
1Mang le mang ya dumelang hore Jesu ke Kreste o tswetswe ke Modimo, mme mang le mang ya ratang motswadi, o rata le tswala ya hae. 2Seo re tsebang ka sona hore re rata bana ba Modimo, ke ha re rata Modimo, mme re phetha ditaelo tsa hae. 3Seo lerato la Modimo le leng sona ke hore re boloke ditaelo tsa hae. Ditaelo tsa hae ha di boima. 4Bohle ba tswetsweng ke Modimo ba hlola lefatshe. Tlholo eo re hlolang lefatshe ka yona ke tumelo ya rona. 5Ke mang ya hlolang lefatshe, haese ya dumelang hore Jesu ke Mora wa Modimo?
Bopaki bo pakelang Mora
6Ke yena Jesu Kreste ya tlileng ka metsi le ka madi; e seng ka metsi feela, empa ka metsi le ka madi, mme ke Moya o Halalelang o pakang hona, hobane Moya ke nnete. 7Dipaki tse tharo di teng: 8ke Moya, metsi le madi, mme tse tharo tsena di a dumellana. 9Ha e le mona re amohela bopaki ba batho, bopaki ba Modimo bo matla ho feta, mme bopaki ba Modimo ke bona: o paketse Mora wa hae. 10Ya dumelang ho Mora wa Modimo o na le bopaki boo ka ho yena. Ya sa dumeleng ho Modimo, o re Modimo o leshano, kaha a sa dumela bopaki boo Modimo a paketseng Mora wa hae ka bona. 11Jwale bopaki boo ke bona: Modimo o re neile bophelo bo sa feleng, mme bophelo bona re bo fumana ka Mora wa hae. 12Ya nang le Mora o na le bophelo boo; ya se nang Mora wa Modimo ha a na bophelo boo.
Ho tseba bophelo bo sa feleng
13Lona ba dumetseng lebitsong la Mora wa Modimo, ke le ngoletse tsena, hore le tle le tsebe hore le na le bophelo bo sa feleng. 14Re ka ya ho Modimo ka sebete, hobane, ha re kopa ho hong ho ya ka thato ya hae, o a re utlwa. 15Jwale, kaha re tseba hore o a re utlwa ha re kopa, re a tseba hore tseo re di kopang ho yena e se e ntse e le tsa rona.
16Ha motho a bona ngwanabo a etsa sebe se sa bolayeng, a mo rapelle, mme Modimo o tla mo fa bophelo. Ke bua ka ba etsang sebe se sa bolayeng. Sebe se teng se bolayang; hase seo ke reng motho a rapelle ngwanabo ka baka la sona. 17Tsohle tse sa lokang ke sebe, empa ho na le sebe se sa bolayeng.
18Re a tseba hore mang le mang ya tswetsweng ke Modimo ha a sa etsa sebe, hobane Mora wa Modimo o a mmoloka, mme E Mobe a ke ke a mo etsa letho. 19Re a tseba hore re ba Modimo, le hore lefatshe lohle le pusong ya E Mobe. 20Hape re a tseba hore Mora wa Modimo o tlile, mme o re neile kutlwisiso, hore re tle re tsebe Modimo wa nnete. Re phela ka ho Modimo wa nnete, ka ho Mora wa hae, Jesu Kreste. Yena ke Modimo wa nnete, ke bophelo bo sa feleng.
21Bana ba ka, itlhokomeleng medimong ya bohata.

Currently Selected:

1 JOHANNE 5: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy