YouVersion Logo
Search Icon

2 TIMOTHEA 3

3
Sebopeho sa batho ba mehleng ya bofelo
1Tseba hona: Mehleng ya bofelo ho tla ba le dinako tsa bothata. 2Batho e tla ba baithati, ba ratang tjhelete, baithorisi, baikgantshi, banyefodi, ba sa utlweng batswadi, ba hlokang teboho, ba sa halaleleng. 3E tla ba batho ba se nang lerato, ba hanang ho boelanngwa le ba bang, ba buang batho hampe, ba hlokang boitshwaro, ba hlaha, ba hloileng tsohle tse lokileng, 4mahlabaphiyo, ba soro, baikgohomosi. Ba tla rata menate ya lefatshe, ho ena le Modimo; 5ba tla bonahala e ka ba na le bodumedi, athe ba lahlile matla a bodumedi. Ba jwalo o ba furalle.
6Ba bang ba bona ba kgukgunela malapa a batho, ba ikgapela basatsana ba sesang hara dibe, ba kgannwang ke ditakatso tsa mefutafuta, 7ba batlang ho ithuta kamehla, empa ba ke keng ba tseba nnete le kgale. 8Jwalokaha Jannese le Jamberese ba ile ba hanyetsa Moshe, le batho bao ba hanyetsa nnete. Ke bao dikelello tsa bona di sa sebetseng, bao tumelo ya bona e seng ya sebele. 9Empa ba ke ke ba atleha hoyahoile, hobane bothoto ba bona bo tla pepeseha ho bohle, jwaloka bothoto ba bao ba babedi.
Ditaelo tsa ho qetela ho Timothea
10Ha e le wena, o ntatetse ka hloko thutong, metsamaong, mererong, tumelong, mamellong, leratong, tiisetsong, 11ditlhorisong le ditlhokofatsong tse ileng tsa ntlhahela Antiokia, Ikonione le Lesitera. Ditlhoriso tseo ke ileng ka di mamella ke tse kaakang! Empa Morena o ile a ntopolla ho tsona kaofela. 12Efela bohle ba ratang ho phela ho Kreste Jesu ka borapedi, ba tla hloriswa. 13Ha e le batho bao ba kgopo, ba mamenemene, bobe ba bona bo tla nne bo tote, ba thetse ba bang, le bona ba thetsehe. 14Empa wena, kgomarela tseo o di rutilweng ka mokgwa o kgodisang, o ntse o tseba hore na o di rutilwe ke mang. 15Ho tloha bonyenyaneng ba hao o tsebile Mangolo a Halalelang, a nang le matla a ho o hlalefisa, o tle o pholoswe ka ho dumela ho Kreste Jesu. 16Mangolo wohle a ngotswe ka tshusumetso ya Moya wa Modimo, mme a na le thuso ya ho ruta, ya ho nyatsa, ya ho busetsa batho tseleng ya ho loka le ho ba tsamaisa ho yona, 17hore motho wa Modimo a tle a phethehe, a kwetlisetswe mesebetsi yohle e lokileng.

Currently Selected:

2 TIMOTHEA 3: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy