YouVersion Logo
Search Icon

2 DIKGOSI 2

2
Elia o nkelwa lehodimong
1Mohla Morena a tla nkela Elia lehodimong ka setsokotsane, Elia o ne a ntse a tsamaya le Elisha, ba etswa Gilegale. 2Yaba Elia o re ho Elisha: “Ke a o rapela: Sala mona, hobane Morena o nthomile Bethele.”
Empa Elisha a re ho yena: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, le ka wena, hore nke ke ka kgaohana le wena.” Kahoo ba theohela Bethele.
3Sehlopha sa baporofeta, se neng se le moo Bethele, sa kgahlanyetsa Elisha, sa re ho yena: “Na o a tseba hore hona kajeno Morena o tla o amoha monga hao?”
Elisha a re ho bona: “E, ke a tseba. Kgutsang!”
4Elia a re ho Elisha: “Elisha, sala mona, ke a o rapela, hobane Morena o nthomile Jeriko.”
Empa Elisha a re: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, le ka wena, hore nke ke ka kgaohana le wena.” Yaba ba ya Jeriko.
5Sehlopha sa baporofeta, se neng se le moo Jeriko, sa kgahlanyetsa Elisha, sa re ho yena: “Na o a tseba hore hona kajeno Morena o tla o amoha monga hao?”
Elisha a re ho bona: “E, ke a tseba. Kgutsang!”
6Yaba Elia o re ho Elisha: “Ke a o rapela: Sala mona, hobane Morena o nthomile Jorodane.”
Elisha a re: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, le ka wena, hore nke ke ka kgaohana le wena.” Ba tswela pele bobedi ba bona.
7Banna ba mashome a mahlano, ba sehlopha sa baporofeta, ba ema sebakana, ba tadima ha ba babedi bao ba ema pela Jorodane. 8Elia a hlobola seaparo sa hae, a se phutha, mme a phutla metsi ka sona. Metsi a arohana, mme bobedi ba bona ba tshela mobung o ommeng.
Elisha o hlahlama Elia
9Ha ba se ba tshetse, Elia a re ho Elisha: “Kopa seo o ratang hore ke o etsetse sona ke eso tloswe ho wena.”
Elisha a re: “Ke a o rapela: Ako nnee karolo ya matla a hao, ke tle ke be mohlahlami wa hao.”
10Elia a re ho yena: “O kopile ntho e thata. Leha ho le jwalo, haeba o ka mpona ha ke tloswa ho wena, kopo ya hao e tla phethahatswa, empa haeba o ke ke wa mpona, e ke ke ya phethahala.”
11Yare ha ba ntse ba tsamaya, ba buisana, ba bona ho hlaha kariki ya ntwa e tukang malakabe, a hulwang ke dipere tse tukang malakabe, ya fihla ya kena pakeng tsa bona. Elia a nyollelwa lehodimong ka setsokotsane. 12Ha Elisha a bona hona a howeletsa, a re: “Ntate! Ntate! Wena mohlabanedi le thebe ya Iseraele!” Yare ha a se a sa mmone, a tshwara diaparo tsa hae, a di tabola ka lehare.
13Elisha a nka seaparo sa Elia, se ileng sa wa, yaba o a kgutla, o fihla a ema hodima lebopo la Jorodane. 14A nka sona seaparo seo sa Elia, se ileng sa wa, a phutla metsi ka sona, a re: “O hokae Morena Modimo wa Elia?” Elisha le yena ha a phutla metsi, metsi ao a arohana, mme a tshela.
15Ha sehlopha sane sa baporofeta ba neng ba dula Jeriko, ba neng ba ntse ba mo shebile, ba bona hoo, ba re: “Matla a Elia a theohetse hodima Elisha.” Ba tla ho mo kgahlanyetsa, ba obamela fatshe kapele ho yena. 16Ba re ho yena: “Bona mona, rona bahlanka ba hao re na le banna ba mashome a mahlano ba dinatla. Re a o rapela: Ako ba dumelle ba yo batla monga hao. Mohlomong Moya wa Modimo o ile wa mo nkela hodimo, wa ya mo lahlela hodima thaba e nngwe, kapa kahara kgohlo e nngwe.”
Empa Elisha a re ho bona: “Le se ke la ba roma!”
17Ha ba ntse ba mo qopheletse, ho fihlela a be a hlajwa ke dihlong, a re: “Ba romeng!” Ka lebaka leo, ba roma banna ba mashome a mahlano. Ba mmatla ka matsasi a mararo, empa ba se ke ba mo fumana. 18Ha ba boetse ba kgutlela ho Elisha, ya neng a ntse a setse Jeriko, a re ho bona: “Na ha ke a ka ka re ho lona: ‘Se keng la ya’?”
Elisha o ngaka metsi
19Banna ba motse wa Jeriko ba re ho Elisha: “Jwalokaha le wena, monga rona, o bona, motse ona o dutse botleng, empa metsi a oona a mabe, le naha ena ke letswatlare.”
20Elisha a re ho bona: “Ntlisetseng sekotlolo se setjha, le tshele letswai ka ho sona.” Ba mo tlisetsa sona.
21A ya mohloding wa sediba, a tshela letswai ka ho oona, a re: “Morena o bua tjena: ‘Ke ngakile metsi ana. Ho tloha jwale a ke ke a hlola a bolaya, kapa a etsa hore naha e be letswatlare.’ ” 22Ho ya ka polelo eo Elisha a neng a e bue, metsi ao haesale a ngakeha ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.
Moporofeta o rohaka bashanyana
23Ho tloha moo Elisha a nyolohela Bethele. Ha a ntse a nyoloha ka tsela, bashanyana ba tswang motseng ba mo soma, ba re ho yena: “Nyoloha, ralefatla towe! Nyoloha, ralefatla towe!” 24A reteleha, a ba tadima, a ba rohaka ka lebitso la Morena. Dibere tse pedi tse tshehadi, tsa tswa morung, tsa harola ba mashome a mane a metso e mmedi ba bashanyana bao. 25Ho tloha moo a ya thabeng ya Karamele, mme ha a tloha teng a kgutlela Samaria.

Currently Selected:

2 DIKGOSI 2: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy