YouVersion Logo
Search Icon

1 DIKETSAHALO 29

29
Dimpho tsa ho haha Tempele
1Kgosi Davida a boela a re ho setjhaba sohle: “Solomone, mora wa ka, eo e leng yena feela eo Modimo a mo kgethileng, o sa le monyenyane, o a tetema, athe mosebetsi o moholo, hobane Tempele ena hase ya motho, empa ke ya Morena Modimo. 2Ka matla a ka wohle ke lokisitse dintho tsa Tempele ya Modimo wa ka: Kgauta e tla etsa dintho tsa kgauta, le silefera e tla etsa dintho tsa silefera, le lethose le tla etsa dintho tsa lethose, le tshepe e tla etsa dintho tsa tshepe, le mapolanka a tla etsa dintho tsa mapolanka, le majwe a bohlokwa a oniki, le majwe a phatsimang a tla kgabisa, a mebalabala, le mefuta yohle ya majwe a bohlokwa, le mahakwe. 3Ho feta mona, kaha ke rata Tempele ya Modimo wa ka, kahodima tsohle tseo ke seng ke di lokiseditse Tempele ena e halalelang, le nna ke abela Tempele ena ya Modimo wa ka matlotlo a ka a kgauta le a silefera: 4Ke kgauta ya Ofire, e etsang boima ba dithane tse lekgolo, le silefera e hlwekisitsweng, e etsang boima ba dithane tse makgolo a mabedi le mashome a mane, e tla manehwa maboteng a Tempele; 5e leng kgauta e tla etsa dintho tsa kgauta, le silefera e tla etsa dintho tsa silefera, le mesebetsi yohle e tla etswa ke ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho. Jwale ke mang ya ithaopelang ho sebeletsa Morena kajeno?”
6Yaba bao e leng dihlooho tsa malapa abo bona, le mahosana a merabe ya Iseraele, le balaodi ba bahlabani ba sekete, le ba ba lekgolo, le baokamedi ba mesebetsi ya kgosi, ba a ithaopa. 7Bakeng sa mesebetsi ya Tempele ya Modimo ba fana ka kgauta eo boima ba yona bo fetang dithane tse lekgolo le mashome a supileng, le silefera eo boima ba yona bo fetang dithane tse makgolo a mararo le mashome a mane, le lethose le etsang boima bo ka bang dithane tse makgolo a tsheletseng le mashome a mabedi, le tshepe eo boima ba yona bo fetang dithane tse dikete tse tharo le makgolo a mane. 8Ba neng ba ena le majwe a bohlokwa ba a abela letlole la Tempele ya Morena le neng le hlokomelwa ke Jehiele wa Mogereshone. 9Setjhaba sa nyakalla, hobane bao ba ne ba ithaopetse ho fana, mme ba efa Morena ka dipelo tsa bona tsohle. Kgosi Davida le yena a thaba haholo.
Davida o rorisa Morena
10Davida a rorisa Morena moo setjhaba sohle se leng teng, a re:
“Kamehla le mehla
ho roriswe wena,
Morena Modimo wa ntata rona,
wa ntata rona Iseraele.
11Boholo, le matla, le tlotla
ke tsa hao, Morena,
le tlholo, le botlotlehi.
Tsohle tse lehodimong le lefatsheng
ke tsa hao;
mmuso ke wa hao, Morena,
ke wena hlooho,
o phahametse tsohle.
12Maruo le hlompho di tswa ho wena,
tsohle di buswa ke wena;
tsoho la hao le matla, le sefea,
ho phahamisa le ho matlafatsa bohle.
13Re a o leboha Modimo wa rona,
re rorisa lebitso la hao
le tlotlehang.
14“Empa nna ke mang? Tjhaba sa ka sona ke eng, hoo re ka ithaopelang ho fana hakaalekaale? Tsohle ke tsa hao, mme tseo re faneng ka tsona di tswa ho wena. 15Mahlong a hao re baeti le bajaki, jwaloka bo-ntata rona bohle. Matsatsi a rona, lefatsheng mona, a jwaloka seriti, mme ha ho ya nang le tshepo. 16Oho, Morena Modimo wa rona, dintho tsena tsohle, tseo re di lokiseditseng ho o hahela Tempele ka tsona, ho tlotla lebitso la hao le halalelang, di tswa ho wena, ke tsa hao. 17Hape ke a tseba, Modimo wa ka, hore o leka pelo ya motho, mme o thabela ho loka. Ha e le nna ke o nyeheletse ka dintho tsena tsohle ka boithaopo, ka pelo ya ka yohle. Jwale ke thabetse le ho bona setjhaba sa hao, se teng mona, se o nyehella ka boithaopo. 18Oho, Morena Modimo wa bo-ntata rona Aborahama, le Isaka, le Iseraele, etsa hore maikutlo ana a nne a be teng mehopolong ya dipelo tsa setjhaba sa hao, se nne se tshepahale ho wena. 19Ako etse hore Solomone, mora wa ka, a tshepahale, hore a boloke melao ya hao, le ditemoso tsa hao, le ditaelo tsa hao, a phethe dintho tsena tsohle, a hahe Tempele eo ke seng ke lokiseditse hore e hahwe.”
20Yaba Davida o re ho setjhaba sohle: “Rorisang Morena Modimo wa lona!” Setjhaba sohle sa rorisa Morena Modimo wa bo-ntata sona; sa inamisa dihlooho tsa sona, sa kgumamela Morena, sa isa hlompho ho kgosi.
Setjhaba se ananela kgosi Solomone
21Ka letsatsi le hlahlamang leo, setjhaba sa etsetsa Morena mahlabelo le dinyehelo tsa setjheso ka dipohwana tse sekete, le dipheleu tse sekete, le dikonyana tse sekete, le dinyehelo tsa dino, le mahlabelo a mang a mangata, a etsetswang Baiseraele bohle. 22Ka lona letsatsi leo ba eja, ba enwa ba nyakaletse haholo, ba le kapele ho Morena.
Ba boela ba bea Solomone, mora wa Davida, kgetlo la bobedi, hore e be kgosi; ba mo tlotsetsa Morena, hore e be mmusi e moholo, Sadoke yena e be moprista. 23Solomone a dula teroneng ya Morena, ya eba kgosi sebakeng sa ntatae Davida, mme a atleha. Baiseraele bohle ba mo hlompha. 24Mahosana wohle, le bahale, le bara bohle ba kgosi, ba ipea tlasa kgosi Solomone.
25Morena a phahamisa Solomone haholo mahlong a Baiseraele bohle; a mo apesa botlotlehi boo ho seng kgosi e neng e kile ya eba le bona, naheng ya Iseraele, pele ho yena.
Lefu la Davida
26Davida, mora wa Jese, a busa Baiseraele bohle. 27A ba busa ka dilemo tse mashome a mane; ka tse supileng a busa a le Heborone, ka tse mashome a mararo a metso e meraro a le Jerusalema. 28A shwa a se a tsofetse haholo, a phetse dilemo tse ngata, a bile le maruo, mme a hlompheha. Solomone, mora wa hae, a mo hlahlama.
29Diketso tsa kgosi Davida, ho tloha qalong ho isa qetellong, di ngotswe Bukeng ya Moporofeta Samuele, le Bukeng ya Moporofeta Nathane, le Bukeng ya Moporofeta Gade. 30Di ngotswe mmoho le tsohle tsa puso ya hae, le tsa bonatla ba hae, le diketsahalo tsohle tse ileng tsa mo hlahela naheng ya Iseraele, le mebusong yohle ya dinaha tse ding.

Currently Selected:

1 DIKETSAHALO 29: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy