YouVersion Logo
Search Icon

TSHENOLO 1

1
Ditaba le dihlooho tsa buka.
1Ke ena tshenolo ya Jesu Kreste, eo a e neileng ke Modimo, ho tsebisa bahlanka ba hae ditaba tse tshwanetseng ho hlaha kapele, tseo a di rometseng ka lengeloi, a bileng a di tshwantshetsa Johanne, mohlanka wa hae, 2ya tiisitseng lentswe la Modimo, a paka le tsa Jesu Kreste, e leng tsohle tseo a di boneng.
3Ho lehlohonolo ya balang, le ba utlwang ditaba tsa boporofeta bona, ba bolokang tse ngodilweng teng; hobane nako ya tsona e se e le haufi.
Buka eo e ngoletswe dikereke tse supileng tse Asia.
4 Ke le Johanne, ke ngolla dikereke tse supileng tse Asia, ke re: Le newe mohau le kgotso ke ya leng teng, ya neng a le teng, ya tla nne a be teng, le ke Meya e supileng e pela terone ya hae, 5le ke Jesu Kreste, paki e tshepehang, letsibolo la tsoho ya bafu, le Morena wa marena a lefatshe!
6Ho ya re ratileng, ya re hlatswitseng dibe tsa rona mading a hae, a ba a re bea marena le baprista ho Modimo, Ntatae, ho iswe kganya le matla kamehla le mehla! Amen!
7Bonang, o tla ka maru, mme mahlo wohle a tla mmona, le bona ba mo hlabileng; mme ba mefuta yohle ya lefatshe ba tla swaba ka baka la hae. E, Amen! 8Ke nna alfa le omega, qalo le qetello, ho bolela Morena Modimo, ya leng teng, ya neng a le teng, ya tla nne a be teng, ya matla wohle.
Pono ya Johanne sehlekehlekeng sa Patmose. — O laetswe ho ngola taba tsa pono eo le ho di romela ho dikereke tse supileng tse Asia.
9Nna, Johanne, ke leng ngwanabo lona, ya abetsweng le lona matshwenyeho, le mmuso, le mamello e leng ho Jesu Kreste, ke ne ke le sehlekehlekeng se bitswang Patmose, ka bka la lentswe la Modimo, le ka baka la ho paka Jesu Kreste. 10Moya wa ka wa nkwa ka letsatsi la Morena, mme ka utlwa kamora ka lentswe le leholo le kang la terompeta, le re: 11Ke nna alfa le omega, wa pele le wa morao. Seo o se bonang, o se ngole bukeng, o ntoo se romela ho dikereke tse supileng tse Asia, e leng Efese, le Smirna, le Pergame, le Thiatire, le Sarda, le Filadelfia, le Laodisea.
12Yaba ke reteleha ho bona eo lentswe la hae le buang le nna. Eitse hobane ke retelehe, ka bona dikandelare tsa kgauta tse supileng; 13mme hara dikandelare ka bona e mong ya kang mora motho, ya apereng kobo e hohobang maotong, ya itlamileng sefubeng ka senyepa sa kgauta. 14Hlooho ya hae le moriri wa hae di ne di le tshweu, jwaloka boya bo bosweu ba nku, le jwaloka lehlwa; mahlo a hae a ne a le jwaloka kgabo ya mollo; 15maoto a hae a ne a tshwana le koporo e benyang, a le jwaloka hoja a hlenne seboping; lentswe la hae le ne le le jwaloka modumo wa metsi a mangata. 16O ne a tshwere dinaledi tse supileng letsohong le letona la hae, mme sabole e ntjhotjho, e leoditsweng ka nqa tse pedi, e ne e tswa molomong wa hae; sefahleho sa hae se ne se tshwana le letsatsi ha le kganya ka matla a lona.
17Eitse ha ke mmona, ka wela maotong a hae, yaka ke shwele. A bea letsoho la hae le letona hodima ka, a re ho nna: Se tshabe; ke nna wa pele le wa morao, mme ke a phela. 18Ke na be ke shwele, mme bona! ke phela kamehla le mehla. Amen! Ke na le dinotlolo tsa nqalo ya bafu le tsa lefu. 19Jwale, ngola ditaba tseo o di boneng, le tse leng jwale, le tse tlang ho tla kamora tsena, 20sephiri sa dinaledi tse supileng tseo o di boneng letsohong la ka le letona, le dikandelare tse supileng tsa kgauta. Dinaledi tse supileng ke mangeloi a dikereke tse supileng; mme dikandelare tse supileng tseo o di boneng, ke dikereke tse supileng.

Currently Selected:

TSHENOLO 1: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy