YouVersion Logo
Search Icon

TSHENOLO 2

2
Mangolo a ngoletsweng dikereke tse supileng tse Asia. — Lengolo la pele: ho kereke ya Efese.
1Ngolla lengeloi la kereke ya Efese, o re: Ya tshwereng dinaledi tse supileng letsohong la hae le letona, ya tsamayang hara dikandelare tse supileng tsa kgauta, o bolela tseo, o re: 2Ke tseba mesebetsi ya hao, le mokgathala wa hao, le mamello ya hao, le hobane o sitwa ho mamella ba babe, o bile o lekile le ba ipeileng baapostola, athe hase bona, mme o lemohile hoba ba leshano; 3hape, o na le sebete; o mameletse bothata ka baka la lebitso la ka, mme ha o a ka wa kgathala. 4Empa ke na le seo ke se nyatsang ho wena, ke hobane o lahlile lerato la hao la pele. 5Hopola hle moo o weleng, mme o bake, mme o etse mesebetsi ya pele; ha ho se jwalo, ke tla tla ho wena, ke tlose kandelare ya hao tulong ya yona, ha o sa bake. 6Empa o na le molemo ona, ke hobane o hloile diketso tsa Banikola, tseo le nna ke di hloileng.
7Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke: Ya hlolang, ke tla mo fa ho ja sefate sa ho phela, se kahara Paradeise ya Modimo.
Lengolo la bobedi: ho kereke ya Smirna.
8Ngolla lengeloi la kereke ya Smirna, o re: Wa pele le wa morao, ya kileng a shwa, mme a boela a phela, o bolela tsena, o re: 9Ke tseba mesebetsi ya hao, le matshwenyeho a hao, le bofutsana ba hao, leha o mpa o le morui; ke tseba le dinyefolo tsa ba ipitsang Bajuda, athe hase bona, empa e le sinagoge ya Satane. 10O se ke wa tshaba letho la tseo o tlang ho tshwenngwa ka tsona. Bona, Diabolose o se a ya kenya ba bang ho lona teronkong, hore le lekwe; mme le tla ba le matshwenyeho a matsatsi a leshome. O tiye ho isa lefung, mme ke tla o fa moqhaka wa bophelo.
11Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke: Ya hlolang a ke ke a etswa hampe ke lefu la bobedi.
Lengolo la boraro: ho kereke ya Pergame.
12Ngolla lengeloi la kereke ya Pergame, o re: Ya tshwereng sabole e ntjhotjho e leoditsweng ka nqa tse pedi, o bolela tsena, o re: 13Ke tseba mesebetsi ya hao, le moo o ahileng teng, e leng moo Satane a nang le terone ya hae teng; ke tseba le hobane o tiisitse lebitso la ka; mme ha o a ka wa latola tumelo ya hao ho nna, leha e le mohla Antipase, paki ya ka e tshepehang, a bolawang hara lona, moo Satane a ahileng teng. 14Empa ke na le ditaba tse seng kae, tseo ke di nyatsang ho wena: ke hobane mona o na le ba yang ka thuto ya Balaame, ya rutileng Balake ho bea kgopiso pela bana ba Iseraele, ba tle ba je tse hlabetsweng medimo ya bohata, mme ba etse bohlola. 15Hape, o na le ba yang ka thuto ya Banikola, eo ke e hloileng. 16O bake; ha ho se jwalo, ke tla phakisa ke tle ho wena, ke lwane le bona ka sabole ya molomo wa ka.
17Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke: Ya hlolang, ke tla mo fa ho ja manna a patilweng, ke be ke mo fe le lejwe le lesweu, leo ho ngodilweng ho lona lebitso le letjha, le sa tsejweng ke motho, haese ke ya le amohelang.
Lengolo la bone: ho kereke ya Thiatire.
18Ngolla lengeloi la kereke ya Thiatire, o re: Ke tsena tse bolelwang ke Mora Modimo, eo mahlo a hae a leng jwaloka kgabo ya mollo, le maoto a hae a tshwanang le koporo e benyang: 19Ke tseba mesebetsi ya hao, le lerato la hao, le tshebeletso ya hao, le tumelo ya hao, le mamello ya hao, le hoba mesebetsi ya hao ya morao e fetisa ya pele. 20Empa ke na le ditaba tse seng kae tseo ke di nyatsang ho wena; ke hobane o dumella Jesebele, mosadi eo ya ipitsang moporofeta, ho ruta, le ho kgelosa bahlanka ba ka, hore ba tle ba etse bohlola, mme ba je dinama tse hlabetsweng medimo ya bohata. 21Ke mo file sebaka sa ho baka bohloleng ba hae, empa ha a ka a baka. 22Bona, ke se ke tla mo dihela diphateng, mme ba febileng le yena ke tla ba kenya tlokotsing e kgolo, ha ba sa baka diketsong tsa bona. 23Ke tla bolaya bana ba hae ka lefu; mme dikereke tsohle di tla tseba hobane ke nna ya lekolang matheka le dipelo; mme ke tla putsa e mong le e mong wa lona ka ho lekanang mesebetsi ya hae. 24Haele lona, le ba bang ba Thiatire, ba sa yeng ka thuto eo, ba sa kang ba tseba matebo a Satane, kamoo ba a bitsang kateng, ke a le bolella hore nke ke ka le bea boima bo bong. 25Feela, le nne le tiise seo le nang le sona, ke be ke fihle.
26Ya hlolang, mme a tiisetsa ho etsa mesebetsi ya ka ho isa qetellong, ke tla mo fa mmuso hodima ditjhaba: 27o tla di disa ka lere la tshepe, mme di tla thuwa jwaloka dipitsa tsa letsopa, kamoo le nna ke nkileng taelo ho Ntate kateng. 28Ke tla mo fa le naledi ya meso. 29Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke.

Currently Selected:

TSHENOLO 2: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy