YouVersion Logo
Search Icon

RUTHE 4

4
1Boase a ya kgotla, a dula teng. Jwale wa habo Ruthe eo a neng a mmoletse, a tshoha a feta teng. Yaba o mmitsa, a re: Nnyeo, tloo le kwano, o dule mona. Eo a kgelohela, a dula. 2Ebile Boase o bitsa banna ba leshome ba baholo ba motse, a re ho bona: Dulang mona. Mme ba dula. 3A ntoo re ho wa habo Ruthe: Naomi, ya kgutlileng naheng ya Moabe, o reka ka koto se seng sa tshimo eo e neng e le ya Elimeleke, ngwanabo rona. 4Ke itse, e ka kgona ke o bolelle, ke re: O se reke pontsheng ho ba ahileng motseng ona le pontsheng ho baholo ba setjhaba sa heso. Ha ekaba o rata ho se lopolla, o se lopolle; ha o sa rate ho se lopolla, o ntsebise, ke tle ke tsebe; hobane ha ho e mong ya ka se lopollang haese wena, mme ke nna ya o hlahlamang. Ebile eo o re: Ke rata ho se lopolla. 5Boase a re: Ka tsatsi leo o rekang tshimo ho Naomi, e ka kgona o e reke le ho Ruthe wa Moabe, mosadi wa ya shweleng, e le hore o tle o tsose lebitso la ya shweleng lefeng la hae. 6Ebile eo wa habo o re: Tjhe, ke sitwa ho itopollela yona, esere mohlomong ka senya lefa leo e leng la ka; o inkele tokelo ya ka ya ho lopolla e le wena, hobane haele nna, ke sitwa ho e lopolla.
7Mehleng ya kgale, mokgwa wa ho lopolla le wa ho anana Iseraeleng, o tiisang taba tsohle, e be e le ona: Motho o ne a role seeta sa hae, a se nee wa habo; e be e le mokgwa wa ho paka hara Iseraele. 8Ha ho le jwalo, wa habo Ruthe a re ho Boase: Itopollele yona, a ba a rola seeta sa hae.
9Boase a re ho baholo le ho setjhaba kaofela: Kajeno le dipaki tsa hore ke rekile ho Naomi tsohle tseo e bileng tsa Elimeleke, le tsohle tseo e bileng tsa Kilione le tsa Mahalone; 10le Ruthe wa Moabe, mosadi wa Mahalone, ke ithuetse yena e be mosadi wa ka, ke tle ke tsose lebitso la ya shweleng lefeng la hae, le hore lebitso la ya shweleng le se ke la kgaolwa setjhabeng sa habo le lekgotleng la motse wa habo; kajeno le dipaki. 11Batho bohle ba neng ba le kgotla le baholo, ba re: Re dipaki. Jehova a etse mosadi eo, ya kenang ka tlung ya hao, jwaloka Ragele le jwaloka Lea, e leng bona ba babedi ba hahileng ntlo ya Iseraele; o bonahatse matla a hao Efrata, mme lebitso la hao le tume Bethlehema! 12Ntlo ya hao e be jwaloka ntlo ya Peretse, eo Tamare a mo tswaletseng Juda, ka bana bao Jehova a tla o nea bona ka morwetsana eo!
13Ebile Boase o nka Ruthe, ya eba mosadi wa hae; a ya ho yena, mme Jehova a mo emodisa, mme a tswala moshanyana. 14Basadi ba re ho Naomi: Ho bokwe Jehova, ya sa kang a o tima wa heno kajeno, eo lebitso la hae le tla tuma Iseraeleng. 15A e ke e be motshedisi wa moya wa hao, le mofepi wa boqheku ba hao, etswe a tswetswe ke ngwetsi ya hao e o ratang, e leng motho ya molemo ho wena le ho feta bara ba supileng. 16Naomi a nka ngwana, a mo sika fubeng sa hae, a mo hodisa. 17Jwale basadi ba ahisaneng le yena ba mo rea lebitso, ba re: Naomi o tswaletswe moshanyana! Ba bitsa lebitso la hae Obede (mooki). Ke yena ntata Jese, ntata Davida.
18Ke lena leloko la Peretse: Peretse a tswala Hetsrone, 19Hetsrone a tswala Rame, Rame a tswala Amminadabe, 20Amminadabe a tswala Nashone, Nashone a tswala Salma, 21Salma a tswala Boase, Boase a tswala Obede, 22Obede a tswala Jese, Jese a tswala Davida.

Currently Selected:

RUTHE 4: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy