YouVersion Logo
Search Icon

NEHEMIA 13

13
Nehemia o halefela ba tlolang molao.
1Motsotsong oo, ha balwa bukeng ya Moshe, setjhaba se mametse; ha fumanwa ho ngodilwe hore Moammone le Momoabe ba ke ke ba kena phuthehong ya Modimo le ka mohla o le mong; 2kahobane ba ne ba sa ka ba ya kgahlanyetsa bana ba Iseraele ka bohobe le metsi, ba mpa ba lefa Balaame hore a ba rohake. Feela, Modimo wa rona ke wona o kileng wa fetola thohako hlohonolofatso. 3Eitse hobane ba utlwe molao, ba kgetha baditjhaba kaofela Iseraeleng.
4Tseo di eso ho be teng, Eliashibe, moprista ya neng a beilwe mohlahlobi wa dikamore tsa ntlo ya Modimo wa rona, e le wa habo Tobia, 5o ne a mo lokiseditse kamore e kgolo hona moo pele ho neng ho bolokwa dinyehelo, le dibano, le mesebetsi, le karolo ya leshome ya dikoro, le ya veine e ntjha, le ya ole, tse neng di laeleditswe Balevi, le dibini, le balebedi ba menyako, le kabelo e kgethetsweng baprista. 6Motsotsong wa taba tseo, ke ne ke se Jerusalema; hobane ka selemo sa mashome a mararo a metso e mmedi sa Artakserksese, morena wa Babilona, ke ne ke boetse ke ile ho morena; mme qetellong ya selemo seo, ke ne ke boetse ke lokolotswe ke morena. 7Eitse ha ke fihla Jerusalema, ka lemoha bobe bo entsweng ke Eliashibe bakeng sa Tobia, kamoo a neng a mo lokiseditse kamore kateng, mabaleng a ntlo ya Modimo. 8Ka swaba haholo ke hona, ka ba ka lahlela mesebetsi yohle ya Tobia kantle ho kamore. 9Ka ntoo laela hore dikamore di hlwekiswe, mme ka busetsa teng mesebetsi ya ntlo ya Modimo le dinyehelo le dibano.
10Ka utlwa hape hobane Balevi ba ne ba sa ka ba newa dikabelo tsa bona, le hoba Balevi le dibini, ba etsang tshebeletso, ba ne ba thobetse e mong le e mong naheng ya hae. 11Yaba ke kgalemela mahosana, ka re: Ntlo ya Modimo e furalletsweng? Ka boela ka ba phutha, mme ka ba busetsa tulong tsa bona. 12Yaba Bajuda kaofela ba boela ba tlisa karolo ya leshome ya koro le ya veine e ntjha le ya ole medikong. 13Ka bea moprista Shelemia, le mongodi Tsadoke, le Pedaia wa Balevi bahlahlobi ba mediko, mme ka ba ekeletsa ka Hanane, mora Sakkure, mora Matthania; hobane e ne e le bao ekang ba ka tshepuwa, mme ba laelwa hore ba arolele banababo bona dikabelo tsa bona.
14Oho, Modimo wa ka, o nkgopole ka baka la tseo, mme o se hlakole diketso tsa borapedi tseo ke di etseditseng ntlo ya Modimo wa ka le ntho tse tshwanetseng ho bolokwa!
15Mehleng eo, ka bona batho ba hatang dihatelong ka Sabatha naheng ya Juda, le ba thothelang mangata hae, ba a belesitse diesele; le veine, le merara, le difeiye, le mesebetsi e meng ya mefuta, ba di tlisa Jersalema ka tsatsi la Sabatha; mme ka ba kgalemela ka letsatsi leo ba rekisang dijo ka lona. 16Le Batire, ba ahileng Jerusalema, ba ne ba tlisa dihlapi le mesebetsi e meng ya mefuta, ba rekisa ka yona ka Sabatha ho bana ba Juda le Jerusalema. 17Ka kgalemela baholo ba Juda, ka re ho bona: Bobe bona boo le bo etsang bo reng, ha le hlompholla letsatsi la Sabatha? 18Hleka haele mona Modimo wa rona o re hlahiseditse, rona le motse ona, dikotsi tseo tsohle, na hase kahobane bontata lona ba ile ba etsa tse jwalo na? Athe le lona le ya ekeletsa Baiseraele bohale ka ho hlompholla Sabatha! 19Jwale, eitse ha menyako ya Jerusalema e apeswa ke meriti, ha Sabatha e se e tla qala, ka laela hore menyako e kwalwe; ka laela hape hore e se ke ya boela ya bulwa, haese ha Sabatha e se e fetile; ka bea bahlanka ba bang ba ka menyakong, hore ho se kene phahlo le e nngwe ka tsatsi la Sabatha. 20Kahoo, bahwebi le ba rekisang ka mesebetsi e mefuta yohle, ba hlola bosiu kantle ho Jerusalema, hang kapa habedi. 21Ka ba kgalemela, ka re ho bona: Le hlollang bosiu pela lerako? Ha le boela le pheta, ke tla le tshwara. Haesale mohlang oo, ha ba ka ba hlola ba etla ka Sabatha. 22Hape, ka bolella Balevi hore ba itlhwekise, mme ba tle ho lebela menyako, hore tsatsi la Sabatha le tle le kgethwe.
Oho, Modimo wa ka, nkgopole le tabeng ena, mme o nkgauhele ka boholo ba mohau wa hao!
23Mehleng eo hape, ka bona hobane Bajuda ba bang ba nyetse basadi ba Baashdode, ba Baammone, le ba Bamoabe. 24Bana ba bona, ka nqa e nngwe, ba ne ba bua puo ya Ashdode, ba sa tsebe ho bua puo ya Bajuda, ba bua puo ya setjhaba se itseng, kapa se itseng. 25Yaba ke a ba kgalemela, ka ba rohaka, ka ba ka otla ba bang, ka ba hlotha meriri; mme ka ba hlapantsha ka Modimo, ka re: Se neeng baradi ba lona ho bara ba bona, mme le se nkele bara ba lona baradi ba bona; le lona le se ke la inkela bona! 26Ha ke re, ke ka tse jwalo Salomone, morena wa Iseraele, a kileng a sitwa? Hara ditjhaba tse ngata, ho ne ho se morena ya kang yena; hape o ne a ratwa ke Modimo wa hae, mme Modimo o ne o mo entse morena wa Baiseraele bohle; empa leha ho le jwalo, basadi ba baditjhaba ba ne ba mo sitise. 27Re ka le dumella jwang hore le etse bobe bo bokalo, mme le halefise Modimo wa rona ka ho nyala basadi ba baditjhaba?
28E mong wa bara ba Jojada, mora Eliashibe, moprista e moholo, e ne e le mokgwenyana wa Sanballate, Mohorone; yaba ke mo leleka pela ka.
29Oho, Modimo wa ka, o ba elellwe hobane ba silafaditse baprista le selekane sa boprista le sa Balevi!
30Yaba ke a ba hlwekisa, ka ba lahlisa tsohle tseo e leng tsa baditjhaba, mme ka bea tsohle kamoo baprista le Balevi ba neng ba tshwanetse ho di lebela kateng, e mong le e mong tshebeletsong ya hae, 31ka lokisa le taba ya dinyehelo tsa dipatsi ka dinako tse beilweng, le ya dilopotsiya.
Oho, Modimo wa ka, o nkgopole o tle o nketse hantle!

Currently Selected:

NEHEMIA 13: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy