YouVersion Logo
Search Icon

JOSHUA 24

24
Phutheho ya ho qetella e entsweng Sikeme. — Joshua o hopotsa setjhaba ditaba tse fetileng. — Setjhaba se a itlama.
1Ebile Joshua o phuthela meloko yohle ya Iseraele Sikeme, a bitsa le baholo ba Baiseraele, le dihlooho tsa bona, le baahlodi ba bona, le matona a bona. Ba itlhahisa pela Modimo. 2Joshua a re ho setjhaba kaofela: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: mehleng ya boholo-holo, bontata lona ba ne ba ahile mose wane ho noka, e le Tera, ntata Abrahama le Nakore; ba ne ba sebeletsa medimo esele. 3Ka thola ntata lona Abrahama mose wane ho noka, ka mo tsamaisa hara naha yohle ya Kanana, ka atisa bana ba hae, ka mo fa le Isaka; 4mme ka nea Isaaka Jakobo le Esau; Esau yena ka mo nea thaba ya Seire hore a e rue; empa Jakobo le bara ba hae ba theohela Egepeta.
5Ka roma Moshe le Aarone, mme ka otla Egepeta kamoo ke entseng kateng hara yona, ka ntoo le ntsha teng. 6Ka ntsha bontata lona Egepeta, la ba la fihla lewatleng; mme Baegepeta ba phallela bontata lona ka makoloi le ka bakalli ho tla fihla Lewatleng le Lefubedu. 7Ba mpa ba howeletsa ho Jehova, mme a kenya lefifi mahareng a lona le Baegepeta; a ba apesa ka lewatle, a ba kgurumetsa, mme mahlo a lona a bone seo ke se entseng ho Baegepeta, la ntoo tla la hlola matsatsi a mangata lefeelleng.
8Ka ba ka le tlisa lefatsheng la Baamore, ba neng ba ahile mose wane wa Jordane, mme ba le lwantsha; empa ka ba neela matsohong a lona, mme la rua lefatshe la bona; mme ka ba timetsa pela lona. 9Jwale, Balake, mora Tsippore, morena wa Moabe, a tsoha, a lwantsha Iseraele, a romela le ho lata Balaame, mora Beore, hore a tle a le rohake. 10Ka mpa ka hana ho utlwa Balaame; yaba o a le hlohonolofatsa; ka le namolela jwalo matsohong a hae.
11La tshela Jordane, la fihla Jeriko; beng ba Jeriko ba le lwantsha, ba ena le Baamore, le Baferese, le Bakanana, le Bagirgashe, le Baheve, le Bajebuse; ka mpa ka ba neela matsohong a lona. 12Ka ba ka romela le bobi pela lona, ba leleka marena a mabedi a Baamore pela lona; ha ho a ka ha eba ka lerumo la hao, leha e le ka seqha sa hao. 13Ka le nea lefatshe leo le neng le sa ka la le lema, le metse eo le neng le sa ka la e haha, mme la dula teng le ntse le eja ditholwana tsa merara le tsa mehlware eo le sa kang la e hloma.
14Ha ho le jwalo, tshabang Jehova jwale, le mo sebeletse ka sebele le ka nnete; le lahle medimo eo bontata lona ba ileng ba e sebeletsa mose wane ho noka, le Egepeta, mme le sebeletse Jehova. 15Empa ha le sa rate ho sebeletsa Jehova, ikgetheleng kajeno eo le tla mo sebeletsa, leha e ka ba medimo e sebeleditsweng ke bontata lona mose wane wa noka, kapa medimo ya Baamore, bao le ahileng fatsheng la bona. Haele nna le ba ntlo ya ka, re tla sebeletsa Jehova.
16Ebile setjhaba se fetola, sa re: Ha re ka ke ra furalla Jehova, ra ya sebeletsa medimo esele, 17etswe e le Jehova, Modimo wa rona, ya re ntshitseng fatsheng la Egepeta, tlung ya bohlanka, rona le bontata rona, a etsa mehlolo eo e meholo pela mahlo a rona, a re boloka tseleng yohle eo re e tsamaileng, le hara ditjhaba tsohle tseo re fetileng hara tsona. 18Ke yena Jehova ya lelekileng pela rona ditjhaba tsohle tsa Baamore tse neng di ahile fatsheng lena. Le rona re tla sebeletsa Jehova, hobane ke Modimo wa rona.
19Ebile Joshua o re ho setjhaba: Le tla sitwa ho sebeletsa Jehova, kahobane ke Modimo o halalelang, ke Modimo o boulelang, o ke keng wa le lesella ditlolo tsa lona le dibe tsa lona. 20Ha le ka furalla Jehova, la sebeletsa medimo esele, le yena o tla le furalla, a le senye, a le timetse, leha a se a nnile a le etsa hantle.
21Yaba setjhaba se re ho Joshua: Tjhe, re tla mpe re sebeletse Jehova.
22Joshua a re ho setjhaba: Ho ipaketse lona hore le ikgethetse Jehova ho mo sebeletsa. Ba re: Ho ipaketse rona.
23A re: Jwale lahlang medimo esele e ho lona, mme le sekehele Jehova, Modimo wa Iseraele, dipelo tsa lona!
24Ebile setjhaba se re ho Joshua: Jehova, Modimo wa rona, ke yena eo re tla mo sebeletsa, re utlwe lentswe la hae.
25Yaba Joshua o tlabola selekane le setjhaba, a se beela molao le taelo Sikeme. 26Joshua a ngola taba tseo bukeng ya molao wa Modimo, a ba a nka lejwe le leholohadi, a le emisa hona teng, tlasa eike e pela sehalalelo sa Jehova. 27Joshua a ntoo re ho setjhaba kaofela: Bonang, lejwe lena e tla ba paki ho rona, etswe lejwe lena le utlwile ditaba tsohle tseo Jehova a re boleletseng tsona; e tla ba paki ho lona ke hona, esere mohlomong la latola Jehova, Modimo wa lona.
28Ebile Joshua o kgutlisetsa setjhaba, e mong le e mong lefeng la hae.
Ho shwa ha Joshua.
29Kamora tseo, Joshua mora Nune, mohlanka wa Jehova, a shwa, a le dilemo tse lekgolo le nang le leshome le le leng. 30Ba mo pata naheng ya lefa la hae, Thimnathe-Sera, thabeng ya Efraime, nqa leboya ho thaba ya Gaashe. 31Haele bana ba Iseraele, ba nnile ba sebeletsa Jehova tshiung tsohle tsa Joshua, le tshiung tsohle tsa baholo ba kileng ba hlahlama Joshua, hobane a shwe, ba kileng ba tseba ketso tseo Jehova a neng a di etseditse Iseraele.
32Le masapo a Josefa, ao bana ba Iseraele ba neng ba tlile le wona, ha ba etswa Egepeta, ba a pata Sikeme, karolong ya tshimo eo Jakobo a neng a e rekile ho bara ba Hamore, ntata Sikeme, ka ditjhelete tse lekgolo; ya eba lefa la bana ba Josefa.
33Le yena Eleasare, mora Aarone, a shwa; mme ba mo pata leralleng la Finease, mora hae, leo a neng a le neilwe thabeng ya Efraime.

Currently Selected:

JOSHUA 24: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy