YouVersion Logo
Search Icon

JONASE 4

4
Jonase o a hlonama; o kgalemelwa ke Jehova.
1Empa taba eo ya swabisa Jonase haholo, a hlonama haholo. 2A rapela Jehova, a re: Jehova, hleka hase seo ke se buileng ke sa le naheng ya heso na? Ke ne ke re, a nke ke balehele Tarshishe, hobane ke ne ke tseba hoba o Modimo o lereko, o mohau, o diehang ho halefa, o mosa haholo, o sa rateng ho otla. 3Mme jwale, ke re: Jehova, lata hle bophelo ba ka, hobane ho ka bang molemo ho nna ke ho shwa, e seng ho phela.
4Empa Jehova a re: Na ke hantle ha o hloname na?
5Yaba Jonase o tswa motseng, a ya dula ka nqa botjhabela ho motse, a iketsetsa lephephe teng, a dula tlasa lona moriting, hore a tle a be a bone se tla hlahela motse. 6Mme Modimo Jehova a medisa monyaku, wa hola, wa okamela Jonase, hore o etsetse hlooho ya hae moriti, o mo tlose bohloko bo ho yena.
7Mme Jonase a thaba haholo ka baka la monyaku oo. Empa hosasane, ha ho esa, Modimo wa hlahisa seboko, sa phunya monyaku, wa ba wa omella. 8Yare ha tsatsi le tjhaba, Jehova a hlahisa moya o bohale wa botjhabela, mme letsatsi la bata hlooho ya Jonase, a ba a kgathala, a qela lefu, a re: Ho leng molemo ho nna ke ho shwa, e seng ho phela.
9Empa Modimo wa re ho Jonase: A o etsa hantle, ha o hlonamile ka baka la monyaku na? Yena a re: Ke etsa hantle ha ke hlonamile, le ho isa ho shweng. 10Jehova a re: Wena, o qenehetse monyaku oo o sa kang wa o kgathalla, leha e le ho o medisa, o itlhahetseng ka bosiu bo le bong, wa ba wa timela ka bosiu bo le bong, wa ba wa timela ka bosiu bo le bong! 11Mme nna, o re, ke se ke ka qenehela Ninive, motse oo o moholo, o nang le batho ba fetang lekgolo le nang le mashome a mabedi a dikete, ba sa tsebeng ho kgetha letsoho le letona la bona ho le letshehadi, hape o nang le dikgomo tse ngata!

Currently Selected:

JONASE 4: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy