YouVersion Logo
Search Icon

JOHANNE 11

11
Jesu o kgutlela Judea ho ya tsosa Lasaro bafung. — Lekgotla le rera Jesu. — O ya dula Efraime.
1Monna ya kulang, ya bitswang Lasaro, o ne a le teng Bethania, motsaneng wa Maria le Maretha, ngwanabo. 2Maria ke yena ya neng a tlotsitse Morena ka setlolo, a mo hlakola maoto ka moriri wa hae; Lasaro ya kulang e ne e le kgaitsedi ya hae. 3Bokgaitsedie ba romela ho Jesu, ba re: Bona, Morena, eo o mo ratang o a kula. 4Yare ha Jesu a utlwa, a re: Ho kula hoo ha ho ise ho shweng, empa ho isa tlotlisong ya Modimo, hore Mora wa Modimo a tlotliswe ka hona.
5Jesu o ne a rata Maretha, le Maria, ngwanabo, le Lasaro. 6Mme leha a ne a utlwile hobane o a kula, a hla a dula matsatsi a mabedi moo a leng teng. 7A ntoo re ho barutuwa ba hae: A re boeleng re yeng Judea. 8Barutuwa ba re ho yena: Rabbi, Bajuda ha ba sa tswa batla ho o tlepetsa ka majwe, o se o boela teng na? 9Jesu a araba, a re: Na hora ha di leshome le metso e mmedi ho letsatsi le le leng na? Ekare ha motho a tsamaya motshehare, a ke ke a kgoptjwa, kahobane o bona lesedi la lefatshe lena. 10Empa ha motho a tsamaya bosiu, a ka kgoptjwa, kahobane ha ho lesedi ho yena. 11Eitse hobane a bolele tseo, a re ho bona: Lasaro, motswalle wa rona, o robetse; empa ke ya mo tsosa borokong. 12Barutuwa ba hae ba re ho yena: Morena, ha a robetse, o tla fola. 13Athe Jesu o ne a bolela ho shwa ha hae; empa bona ba ne ba lekanya hore o bolela boroko ba ho robala. 14Jwale, Jesu a ba bolella phatlalatsa, a re: Lasaro o shwele. 15Mme ke thaba ka baka la lona, ha ke ne ke se teng, le tle le dumele; empa a re yeng ho yena. 16Yaba Thomase, ya bitswang Didima, o re ho balekane ba hae: A re yeng le rona, re tle re shwe le yena.
17Jesu ha a fihla, a fumana matsatsi a se a le mane a le lebitleng. 18Mme Bethania o ne a le haufi le Jerusalema, sebaka e le sa distadia tse ka bang leshome le metso e mehlano. 19Bajuda ba bangata ba ne ba tlile ho Maretha le ho Maria, ho ba tshedisa bakeng sa ho shwa ha kgaitsedi ya bona.
20Yare ha Maretha a utlwa hobane Jesu o a tla, a ya mo kgahlanyetsa; empa Maria a sala tlung. 21Maretha a re ho Jesu: Morena, hojane wa ba teng, kgaitsedi ya ka a ka be a sa ka a shwa. 22Empa le jwale ke a tseba, hobane tsohle tseo o tla di kopa ho Modimo, Modimo o tla o fa tsona. 23Jesu a re ho yena: Kgaitsedi ya hao o tla tsoha. 24Maretha a re ho yena: Ke a tseba hobane o tla tsoha mohla tsoho, letsatsing la bofelo. 25Jesu a re ho yena: Ke nna tsoho le bophelo; ya dumelang ho nna, leha a shwele, o tla phela. 26E mong le e mong ya phelang, mme a dumetse ho nna, a ke ke a shwa le ka mohla o le mong. Na o dumela hona na? 27Yena a re ho Jesu: E, Morena, ke a dumela hobane ke wena Kreste, Mora wa Modimo, eo ho itsweng, o tla tla lefatsheng.
28Eitse hobane a bue jwalo, a ya bitsa Maria, ngwanabo, sephiring, a re: Moruti o teng, o a o bitsa. 29Yare ha Maria a utlwa, a phakisa a tloha, a ya ho yena. 30Jesu o ne a eso ho fihle motseng, empa o ne a sa dutse moo Maretha a mo kgahlanyeditseng teng. 31Jwale, Bajuda ba neng ba le tlung le yena ba mo tshedisa, ha ba bona hoba Maria o phakisitse a tloha, a ba a tswela ntle, ba mo latela, ba re, o ya lebitleng ho lla teng. 32Maria eitse ha a fihla moo Jesu a leng teng, ha a mmona, a itihela maotong a hae, a re ho yena: Morena, hojane oa ba teng, kgaitsedi ya ka a ka be a sa ka a shwa. 33Jesu ha a mmona a lla, le Bajuda ba mo feheleditseng ba lla, a hlabeha moyeng, a sisimoha, 34a re: Le mmeile kae? Ba re ho yena: Morena, tloo, o bone. 35Yaba Jesu o a lla. 36Yaba Bajuda ba re: A le ke le boneng! o ne a mo rata hakakang! 37Ba bang ho bona ba mpa ba re: Eo ya tutubolotseng mahlo a sefofu, o ne a sitwa keng ho etsa hore enwa a se ke a shwa?
38Jwale, Jesu a boela a hlabeha kahare ho yena, mme a ya lebitleng. Lebitla e ne e le lehaha, mme lejwe le ne le thibile monyako wa lona. 39Jesu a re: Tlosang lejwe leo! Maretha, kgaitsedi ya mofu, a re ho yena: Morena, o se a nkga; hobane e se e le la bone a le mona. 40Jesu a re ho yena: Na ha ke a ka ka o bolella hore, ekare ha o dumela, o tla bona kganya ya Modimo na? 41Jwale, ba tlosa lejwe moo mofu a beilweng teng. Yaba Jesu o emisetsa mahlo a hae hodimo, a re: Ntate, ke a o leboha hobane o nkutlwile. 42Ke a tseba hobane o nkutlwa kamehla; empa ke buile jwalo ka baka la bongata bo nteetseng hare, bo tle bo dumele hobane ke wena ya nthomileng. 43Eitse hobane a bolele tseo, a howa ka lentswele le holo, a re: Lasaro, tswa moo! 44Yaba mofu o tswa a thatilwe matsoho le maoto ka masela, a kgurumeditswe sefahleho ka tuku. Jesu a re ho bona: Mo lokolleng, le mo lesele a itsamaele.
45Ba bangata hara Bajuda ba neng ba tlile ho Maria, ha ba bona tse entsweng ke Jesu, ba dumela ho yena. 46Empa ba bang ho bona ba ya ho bafarisi, ba ba phetela tseo Jesu a di entseng.
47Yaba baprista ba baholo le bafarisi ba bokella lekgotla, ba re: Re tla etsang, haele mona motho eo a etsa mehlolo e mengata na? 48Ekare ha re mo lesela jwalo, bohle ba tla dumela ho yena, mme Baroma ba tla tla, ba timetse motse wa rona le setjhaba sa rona. 49E mong wa bona, Kaiafa, eo e neng e le moprista e moholo ka selemo seo, a re ho bona: Lona, ha le utlwisise letho. 50Ha le hopole hobane ho ka ba molemo ho rona ha setjhaba se ka shwelwa ke motho a le mong, setjhaba kaofela se se ke sa timela. 51O ne a sa bue jwalo a iqalla, empa, kahobane e ne e le moprista e moholo ka selemo seo, a poforeta hore Jesu o tshwanetse ho tla shwela setjhaba, 52e seng setjhaba feela, empa le hore a bokelle hammoho bana ba Modimo ba qhalaneng.
53Ho qala mohlang oo, ba rera hammoho hore ba tle ba mmolaye. 54Ka baka leo, Jesu ha a ka a hlola a tsamaya pontsheng hara Bajuda; a mpa a tloha moo, a ya motseng o bitswang Efraime, naheng e haufi le nahathote, mme e hlola teng le barutuwa ba hae.
Jesu o lebeletswe Jerusalema ka mokete wa Paseka. — O fihla Bethania. — Maria o tlotsa maoto a Jesu ka setlolo.
55Paseka ya Bajuda ha e se e le haufi, ba bangata ba nyolohela Jerusalema, e eso ho be Paseka, ba tle ba itlhwekise. 56Ba ne ba batla Jesu, ba botsana ba eme tempeleng, ba re: Lona, ha le lekanya, le reng? Na a ke ke a tla moketeng? 57Mme baprista ba baholo le bafarisi ba ne ba entse molao wa hore, ekare ha motho a tseba moo a leng teng, e ka kgona a mmolele, ba tle ba mo tshware.

Currently Selected:

JOHANNE 11: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy