YouVersion Logo
Search Icon

BAGALATA 2

2
1Yare hoba dilemo tse leshome le metso e mene di fete, ka boela ka nyolohela Jerusalema le Barnabase, re nkile Tite le rona; 2ka nyolohela teng ka tshenolo. Ka beela badumedi, haholo bao e leng dihlooho, Evangeli eo ke e rutang hara baditjhaba, ka re, esebe ke tla mathela lefeela, kapa ke se ke le mathetse. 3Empa esita le Tite ya neng a na le nna, leha e ne e le Mogerike, ha a ka a phehellelwa ho bolla. 4E ne e le ka baka la baena ba bohata ba kgukgunetseng hara rona ba sa lemohuwe, mme ba nanaretse ho tla hlwela tokoloho eo re nang le yona ho Jesu Kreste, ba tle ba re busetse botubong. 5Empa ha re a ka ra ba suthela sebaka, leha e le ho ba dumella le ka nakwana e le nngwe, nnete ya Evangeli e tle e dule ho lona e tiile. 6Haele ba lekanngwang hoba ke bao e leng dihlooho — leha e kile ya eba ba jwang le ba jwang mohla monene, ho nna hase letho, etswe Modimo o sa ye ka tshobotsi ya motho — ke re, ba lekanngwang hoba ke ba baholo, ha ba ka ba nkekeletsa ka letho. 7Tjhe, empa yare ha ba bona hoba ke abetswe ho bolella ba sa bollang Evangeli, jwalokaha Petrose a abetswe ba bolotseng — 8hobane ya sebeditseng ka ho Petrose ho mo etsa moapostola wa ba lebollo, o sebeditse le ka ho nna ka baka la baditjhaba — ke re, ba lekanngwang hoba ke ditshiya, 9Jakobo, le Kefase, le Johanne, eitse ha ba lemoha mohau oo ke o neilweng, ba re nea matsoho a bolekane, nna le Barnabase, hore rona re ikele ho baditjhaba, mme bona ba ye ho ba lebollo. 10Feela ba re, re no hopola bafumanehi, mme ke sona seo ke thootheletsweng ho se etsa.
11Empa mohla Kefase a tlileng Antioke, ka mo hanyetsa mahlong, hobane a ne a tshwanelwa ke ho nyatsuwa. 12Hobane enere ba bang ba tswang ho Jakobo, ha ba eso ho fihle, o ne a ntse a eja le baditjhaba; empa yare ha ba fihla, a sutha kasanthao, mme a ikgetha ka ho tshaba ba lebollo. 13Mme Bajuda ba bang ba iketsisa jwaloka yena; esita le Barnabase a hla a hulanngwa ke boikaketsi ba bona. 14Empa eitse ha ke lemohile hobane ha ba hate ka ho loka nneteng ya Evangeli, ka re ho Petrose pontsheng ho bohle: Hleka wena, o leng Mojuda, ha o etsa ka mokgwa wa baditjhaba, e seng ka wa Bajuda, le phehellelang baditjhaba ho etsa ka Bojuda na?
15Haele rona, re Bajuda ka mofuta, ha re baetsadibe ba baditjhabeng; 16athe ka ho tseba hobane motho ha a bewe ya lokileng ke mesebetsi ya molao, empa e le ka ho dumela ho Jesu Kreste, le rona re dumetse ho Jesu Kreste, re tle re bewe ba lokileng ke ho dumela ho Kreste, e seng ke mesebetsi ya molao; hobane ha ho motho ya tla bewa ya lokileng ke mesebetsi ya molao. 17Mme ha re ntse re batla ho bewa ba lokileng ke Kreste, ekare ha ho fumanwa hoba rona re sa le baetsadibe, na ke ho re Kreste o re sebedisa sebe na? Ho se ke ha thualo. 18Hobane ekare ha ke tsosa dintho tseo ke di qhaqhileng, ekaba ke iketsa motlodi wa molao. 19Athe nna ka molao ke shwele ka nqeng ya molao, ke tle ke phelele Modimo. 20Ke thakgisitswe le Kreste, mme ha e hlole e le nna ya phelang, empa e le Kreste ya phelang ka ho nna; mme jwale, ha ke sa ntse ke phela nameng, ke iphelela tumelong ho Mora Modimo, ya nthatileng, a ba a itella nna. 21Ha ke etse mohau wa Modimo lefeela; hobane ha ekaba ho loka ho tswa molaong, ekaba Kreste o shwetse lefeela.

Currently Selected:

BAGALATA 2: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy