YouVersion Logo
Search Icon

DIKETSO 3

3
Ho fodiswa seritsa. — Thuto ya Petrose.
1Petrose le Johanne ba ne ba nyolohela hammoho tempeleng ka hora ya thapelo, e leng ya boroba mono o le mong. 2Monna e mong, eo e neng e bile seritsa haesale a etswa popelong ya mmae, o ne a nne a jarwe, a bewe ka matsatsi wohle monyako wa tempele, o reilweng o Motle, a tle a kope thuso ho ba kenang tempeleng. 3Monna eo, eitse ha a bona Petrose le Johanne ba ya kena tempeleng, a ba rapela hore ba mo nee thuso. 4Empa Petrose a mo hlaba ka mahlo, a ena le Johanne, a re: Re tadime. 5Eo a ba tadimisisa, a lebella hore ba tla mo nea ho hong. 6Yaba Petrose o re: Ha ke na silefera le kgauta; empa seo ke nang le sona, ke o fa sona: Ka lebitso la Jesu wa Nasaretha, ema, o tsamaye. 7A ntoo mo tshwara ka letsoho le letona, a mo emisa, mme maoto le maqaqailane a hae a hla a tiya kapele. 8A tlolela hodimo, a ema, a tsamaya; a ba a kena tempeleng le bona, a ntse a tsamaya, a tlola, a boka Modimo.
9Batho kaofela ba mmona a tsamaya, a boka Modimo. 10Ba mo tseba hore ke yena ya neng a dulela thuso monyakong o Motle wa tempele; mme ba tlala ho babatsa le ho makala ka se entsweng ho yena. 11Mme kahobane seritsa se fodisitsweng se ne se tshwere Petrose le Johanne ka letsoho, batho kaofela hammoho ba ba mathela mathuleng a bitswang a Salomone, ba maketse haholo.
12Petrose ha a bona hoo, a bolella setjhaba, a re: Banna ba Iseraele, le tsotelang taba eo? Le re hlabelang ka mahlo, jwaloka eka ke ka matla a rona, kapa ka borapedi ba rona re tsamaisitseng motho eo? 13Modimo wa Abrahama, wa Isaaka, le wa Jakobo, Modimo wa bontata rona, o tlotlisitse mohlanka wa wona Jesu, eo le mo neetseng Pilato, la mo latola pela hae, leha yena a ne a ahlotse ho mo lokolla. 14Le latotse Ya halalelang, Ya lokileng, mme le qetse hore le sitswe ka mmolai. 15Le bile le bolaile Monga bophelo; empa Modimo o mo tsositse bafung, mme rona, re dipaki tsa taba eo. 16Ke kahobane re dumetse lebitso la hae, lebitso la hae le tiisitseng motho eo le mmonang, le mo tsebang, mme tumelo e tswang ho yena Jesu e mo fodisitse hantlentle pontsheng ya lona kaofela. 17Mme jwale, bana ba Ntate, ke a tseba hobane le entse hoo ka baka la ho se tsebe, le wona marena a lona. 18Empa Modimo o phethile jwalo ditaba tseo o neng o di boletse pele ka melomo ya baporofeta bohle ba wona, hore Kreste o tla utlwiswa bohloko.
19Bakang ke hona, mme le sokolohe, dibe tsa lona di tle di hlakolwe, 20hore ho tle ho be ho fihle mehla ya kgatholoho ka ponahalo ya Morena, mme a rome Jesu Kreste, ya boletsweng pele ho lona, 21eo lehodimo le tshwanetseng ho ba le yena ho be ho fihle mehla ya tokiso ya dintho tsohle, eo Modimo o e boletseng ka melomo ya baporofeta ba halalelang ba wona bohle, haesale le tshimolohong. 22Hobane Moshe o fela a boleletse bontata rona, a re: Morena, Modimo wa lona, o tla le hlahisetsa moporofeta hara banababo lona, ya jwaloka nna; le mo utlwe ditabeng tsohle tseo a tla le bolella tsona. 23Mme e mong le e mong ya hanang ho utlwa moporofeta eo, o tla tloswa hara setjhaba. 24Le hona baporofeta kaofela, ho qala ka Samuele, le ba mo hlahlamileng, bohle ba buileng ba porofetile mehla ena. 25Ke lona le leng bana ba baporofeta le ba selekane seo Modimo o se hlabileng le bontata rona, wa re ho Abrahama: Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofalla lelokong la hao. 26Ke lona bao Modimo o qadileng ka lona ho le hlahisetsa mohlanka wa wona Jesu, wa mo roma ho tla le hlohonolofatsa, ka ho sokolla e mong le e mong wa lona bobeng ba hae.

Currently Selected:

DIKETSO 3: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy