YouVersion Logo
Search Icon

II BAKORINTHE 13

13
Dikeletso tse ding. — Ditumediso.
1Lena ke la boraro ke tlang ho lona ka lona; ditaba tsohle di tla tiya ke melomo ya dipaki tse pedi, leha e le tse tharo. 2Ke se ke le boleletse pele, le jwale ke sa le bolella, ke re: Jwalokaha nkile ka etsa ha ke le ho lona ka la bobedi, le jwale ke sa pheta, leha ke le siyo, ke ngolla ba sitilweng pele, le ba bang bohle hore, ha ke boela ke etla, nke ke ka ba rekolohela; 3haele moo le batla pontsho e le kgodisang hore Kreste o bua ka nna, athe yena ha a le fokolla, empa o matla hara lona. 4Hobane leha a kile a thakgiswa sefapanong ka phokolo, o phela ke matla a Modimo; mme le rona re fokoletse ho yena, empa re tla phela le yena, ka matla a Modimo a sebetsang ho lona. 5Itekoleng e le lona, le tle le bone ha le le tumelong; itekeng e le lona; na ha le itemohele hoba Kreste o ka ho lona, haese hoba mohlomong le le ba se nang ho amohelwa! 6Empa ke tshepa hoba, haele rona, le tla lemoha hobane re lokelwa ke ho amohelwa. 7Empa ke rapela Modimo hore le se ke la etsa bobe le hanyenyane; e seng hore re bonahale hoba re ba lokelwang ke ho amohelwa, empa e le hore le etse hantle, leha rona re ka ba jwaloka hoja re se na ho amohelwa. 8Hobane ha re na matla le a manyenyane ho hanela nnete, empa e le ho emela nnete. 9Re thaba ha rona re fokola, le lona ha le le matla; mme seo re se eletsang, ke phetheho ya lona. 10Ke ka baka leo ke ngolang taba tseo, ke sa le siyo ho lona, hore mohla ke leng teng, ke se ke ka etsa ka thata, ka matla ao Morena a nneileng wona ho hahisa, e seng ho heletsa.
11Ha ke qetella, banabeso, ke re: Ithabeleng, le phethehe, le tshedisane, le be le kgopolo e le nngwe, le dule ka kgotso; mme Modimo wa lerato le wa kgotso o tla ba le lona. 12Dumedisanang ka kako e halalelang. Bahalaledi bohle ba le dumedisa.
13Mohau wa Morena Jesu Kreste o be le lona bohle, le lerato la Modimo, le kopano ya Moya o Halalelang. Amen!

Currently Selected:

II BAKORINTHE 13: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy