YouVersion Logo
Search Icon

I SAMUELE 1

1
Eli le Samuele. — Baahlodi ba babedi ba ho qetella, 1 — 12
Eli, moprista le moahlodi. — Tswalo ya Samuele. — Sefela sa Anna. — Samuele o kena tshebeletsong ya Jehova. — Motsamao o mobe wa bara ba Eli. — Kahlolo ya ntlo ya Eli. — Baiseraele ba hlolwa ka Bafilesta; areka e a hapuwa. — Ho shwa ha Eli le bara ba hae.
1Monna e mong o ne a le teng wa Ramathaime-Tsofime, wa thaba ya Efraime, lebitso la hae e le Elkana, mora Jerohame, mora Elihu, mora Thohu, mora Tsufe, Moefrathe. 2O ne a ena le basadi ba le babedi, lebitso la e mong e le Anna, lebitso la wa bobedi e le Peninna. Peninna o ne a na le bana, Anna yena e ne e le nyopa. 3Monna eo o na a ye a tlohe motseng wa habo ka selemo se seng le se seng, ho ya rapela le ho hlabela Jehova wa makgotla Silo. Ke moo bara ba Eli ba babedi, Hofni le Finease, e neng e le baprista ba Jehova.
4Mohla Elkana a neng a etsa sehlabelo, o ne a nea mosadi wa hae Peninna le bara ba hae le baradi ba hae bohle diabo; 5empa o ne a nea Anna seabo sa batho ba babedi, hobane o ne a rata Anna, leha Jehova a ne a mmeile nyopa. 6Peninna ka maqethe a hae o ne a mo swabisa haholo, e le hore a mmelaetse, kahobane Jehova a mmeile nyopa. 7Ho ne ho ntse ho le jwalo ka selemo se seng le se seng; enere ha ho etelwa tlung ya Jehova, Peninna o ne a ntse a mo swabisa jwalo; Anna o ne a lla ke hona, a se ke a ja. 8Elkana, monna wa hae, o ne a nna a re ho yena: Anna, o llelang, mme ha o je keng? Na pelo ya hao e ntshofaletseng? Na, ho wena, ha ke fetise bara ba leshome na?
9Empa mohlomong, hobane ho jewe, ho nowe Silo, Anna a tloha, moprista Eli a dutse setulong pela monyako wa tabernakele ya Jehova. 10A tla a hlokofetse moyeng wa hae, a rapela Jehova, a ntse a lla habohloko. 11A itlama ka kano, a re: Jehova wa makgotla, ha o ka tadimisisa bohloko ba lekgabunyane la hao, leha o ka nkgopola, o sa lebale lekgabunyane la hao, leha o ka fa lekgabunyane la hao ngwana e motona, ke tla mo neela Jehova ka ditshiu tsohle tsa ho phela ha hae, mme lehare ha le ka ke la mmeola hlooho. 12Ya na ya re ha a tiisa ho rapela pela Jehova, Eli a ela melomo ya hae hloko; 13etswe Anna a ne a bua ka pelo feela, a bebenya melomo, lentswe lona le sa utlwahale. Kahoo, Eli a lekanya hoba o tahilwe. 14Ebile Eli o re ho yena: O tla tahwa ho le hokae? Hlaphohelwa veine ya hao. 15Empa Anna a fetola, a re: Tjhe, monga ka, ke mosadi ya pelo e bohloko; ha ke a ka ka nwa veine, leha e le seno se bodila, ke mpa ke ntse ke tsholla moya wa ka pela Jehova. 16O se ke wa hloma eka lekgabunyane la hao ke moradi wa Beliale; athe ho fihlela la kajeno, ke ntse ke buiswa ke boholo ba tsietsi ya ka le ba bohloko ba ka. 17Ebile moo Eli a arabang, a re: Ikele ka kgotso, mme Modimo wa Iseraele o o fe seo o se kopileng ho wona. 18Yena a re: Lekgabunyane la hao ha le ke le bone mohau ho wena. Mosadi a ntoo ikela ka tsela ya hae, mme a ja, sefahleho sa hae se se se se jwaloka hapele.
19Ba tsoha e sa le hosasa, ba kgumamela Jehova, mme ba kgutla, ba boela hae ha habo, Rama. Teng Elkana a tseba Anna mosadi wa hae, mme Jehova a mo hopola. 20Ha isaisa, Anna a emola, mme a tswala moshemane, a mo rea lebitso la Samuele (Modimo o utlwile), ka ho re: Ke mo kopile ho Jehova.
21Monna eo Elkana le ba ntlo ya hae kaofela ba tloha ho ya hlabela Jehova sehlabelo sa dilemo tsohle le sa kano ya hae. 22Anna a mpa a se ke a ya, a re ho monna wa hae: Mohla ngwana a kgwesitsweng, ke hona ke tla mo isa, a tle a hlahiswe pela Jehova, mme a dule teng kamehla. 23Monna wa hae Elkana a re ho yena: Etsa kamoo o ratang kateng; o dule, a be a kgwe; feela ke re: Jehova a tiise polelo ya hae. Mosadi a dula jwalo, a anyesa ngwana hae, a ba a mo kgwesa.
24Eitse hobane a qete ho mo kgwesa, ba ya le yena ka kgomo tse tharo, le efa e nngwe ya phofo, le lekuka la veine, mme a mo tlisa tlung ya Jehova, Silo, ngwana a sa le monyenyane. 25Ba hlaba kgomo, mme ba tlisa ngwana ho Eli. 26Anna a re: Monghadi, ka moya wa hao o phelang, monga ka, ke nna mosadi yane, ya na beng a eme hona mona pela hao, a rapela Jehova. 27Ke yena ngwana eo ke neng ke mo kopa; Jehova o nneile seo ke neng ke se kopa ho yena. 28Ke bile ke mo kgethetse Jehova ke hona, mme efela e tla ba ya kgethetsweng Jehova ka ditshiu tsohle tseo a tla phela ka tsona. Ebile o kgumamela Jehova hona moo.

Currently Selected:

I SAMUELE 1: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy