YouVersion Logo
Search Icon

I BATHESALONIKA 2

2
Mokgwa oo Pauluse a sebeditseng hara Bathesalonika.
1Hobane le lona, banabeso, le a tseba ho kena ha rona ha heno hoba ha e a ka ya eba lefeela. 2Empa leha re ne re utlwisitswe bohloko pele motseng wa Filipi, ra ba ra tshwenngwa hampe, jwalokaha le tseba, re kile ra tiya matla, ke ho tshepa Modimo wa rona, ho le bolella Evangeli ya Modimo hara ntwa e kgolo. 3Hobane dikgothatso tsa rona hase tse tswang leshanong, leha e le ditshileng, leha e le manong. 4Empa jwalokaha Modimo o re bone re le ba tshwanelwang ke ho abelwa tshebetso ya Evangeli, re bua jwalo, e seng hore re kgahlise batho, e le hore re mpe re kgahlise Modimo o lekolang dipelo tsa rona.
5Hape, ha re a ka ra ba le polelo e le qekang le ka mohla o le mong, le lona le a tseba, leha e le mano a patang takatso ya moruo; teng re pakwa ke Modimo. 6Le hona ha re a ka ra batla poko ho batho, leha e le ho lona, leha e le ho ba bang; leha re ne re lokela ho ipea boholo, kahobane re baapostola ba Kreste. 7Empa re bile mosa hara lona, jwaloka moanyesi ha a hlokomela bana ba hae ka lerato. 8Ka mokgwa o jwalo, ka baka la ho le rata, re eleditse hore re tla le nea e seng Evangeli ya Modimo feela, empa le yona meya ya rona, kahobane le le baratuwa ba rona ruri. 9Le lona, banabeso, le sa hopotse mosebetsi le mofufutso wa rona, kamoo re le boleletseng Evangeli ya Modimo kateng, re ntse re sebetsa motshehare le bosiu, re tle re se ke ra imetsa motho, leha a le mong, hara lona. 10Le dipaki, le Modimo ke yona, tsa mokgwa o halalelang, o lokileng, o se nang molato, oo re le entseng ka wona, lona ba dumetseng. 11Mme le a tseba hoba re kgothaditse, ra ba ra tshedisa e mong le e mong ho lona, jwaloka ntata motho ha a etsa bana ba hae. 12Mme ra le rapela hore le tsamaye ka mokgwa o tshwanelang Modimo, o le biletsang mmusong wa wona le kganyeng ya wona.
13Ka baka leo, le rona ha re phetse ho leboha Modimo kahobane, mohla le amohetseng lentswe la Modimo, leo le le utlwileng ho rona, le le amohetse e seng jwaloka hoja e le lentswe la batho, empa la kgolwa hore ke lentswe la Modimo, jwalokaha e le lona ka sebele, le sebetsang ka ho lona ba dumetseng. 14Hobane, banabeso, le bile baetsisi ba dikereke tsa Modimo tsa Judea, tse leng ho Jesu Kreste; hobane efela le lona le utlwisitswe ke ba setjhaba sa heno bohloko bo le bong le boo di bo utlwisitsweng ke Bajuda; 15e leng bona ba bolaileng Morena Jesu le baporofeta ba bona, mme ba re hlorisitse; ha ba kgahlise Modimo, mme ba hanyetsa batho bohle. 16Ba re hanela ho bua le baditjhaba, hore ba tle ba bolokehe, ba ntse ba tlatsa jwalo kamehla tekanyo ya dibe tsa bona. Mme bohale ba Modimo bo ba thootheletswe ka ho phetheha.
Takatso ya moapostola ya hore a boele a bone Bathesalonika. O thabile ka taba tse tlisitsweng ke Timothea.
17Haele rona, banabeso, re kgaohane le lona ka motsotso o kang wa hora, ke ho se bonane feela, e seng ka pelo, mme ke moo re lekileng kannete ho tla le bona ka hlolohelo e fetisang. 18Ka baka leo, re ratile ho tla ho lona, e le nna Pauluse; ke lekile hang, hape ka leka la bobedi; empa Satane o re thibetse. 19Hobane tshepo ya rona ke mang, kapa thabo ya rona, kapa moqhaka oo re ithorisang ka wona keng? Na hase lona le tla ba wona pela Morena Jesu Kreste, ho tleng ha hae? 20Efela ke lona le leng kganya le thabo ya rona.

Currently Selected:

I BATHESALONIKA 2: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy