1
Mareka 15:34
Contemporary Southern Sotho Bible 2024
CSOB24
Eitse ka hora ya boroba mono o le mong Jesu a meketsa ka lentswe le phahameng, a re: Eloi, Eloi, lama sabakthani? ke ho re, ha ho fetolwa, Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntloheletseng?
Porovnat
Zkoumat Mareka 15:34
2
Mareka 15:39
Yare molaodi wa lekgolo ya emeng mabapa le yena, ha a bona kamoo a shweleng kateng, a hooeletsa jwalo, a re: Kannete motho eo e ne e le Mora wa Modimo.
Zkoumat Mareka 15:39
3
Mareka 15:38
Lesira la Tempele la hahoha ka lehare, ho tloha hodimo ho ya tlase.
Zkoumat Mareka 15:38
4
Mareka 15:37
Jesu a meketsa ka lentswe le leholo, a neela moya.
Zkoumat Mareka 15:37
5
Mareka 15:33
Eitse ha hora ya botshelela e fihla, lefifi la aparela lefatshe lohle, ho fihlela hora ya boroba mono o le mong.
Zkoumat Mareka 15:33
6
Mareka 15:15
Pilato, ka ho rata ho kgahlisa bongata, a ba lokollela Barabase, mme a neela Jesu, ha a mo shape, hore a thakgiswe.
Zkoumat Mareka 15:15
Domů
Bible
Plány
Videa