Hobane leha nka rata ho ithorisa, nke ke ka ba lewatla; hobane ke tla bua nnete, empa jwale ke a lesa, esere mohlomong e mong a ka nkgopola ka ho fetisa seo a mponang ke le sona, kapa seo a nkutlwang ke le sona ho nna.
Mme e le hore ke se ke ka iphahamisa ho feta tekanyo ka bongata ba ditshenolo, ke ile ka newa moutlwa nameng, lenqosa la Satane hore le nkotle, hore ke se ke ka iphahamisa ho feta tekanyo.