1
BAHEBERU 10:25
BIBELE
SSO89SO
Re se ke ra furalla diphutheho tsa rona, jwalokaha ba bang ba tlwaetse. Empa re kgothatsane, haholoholo kaha le a bona hore Letsatsi la Morena le ntse le atamela.
താരതമ്യം
BAHEBERU 10:25 പര്യവേക്ഷണം ചെയ്യുക
2
BAHEBERU 10:24
A re hlokomelaneng, mme re kgothaletsaneng leratong le mesebetsing e metle.
BAHEBERU 10:24 പര്യവേക്ഷണം ചെയ്യുക
3
BAHEBERU 10:23
A re tiisetseng ho bolela tshepo ya rona re sa thekesele, hobane ya re tshepisitseng o a tshepahala.
BAHEBERU 10:23 പര്യവേക്ഷണം ചെയ്യുക
4
BAHEBERU 10:36
Le sa hloka mamello, e le hore, ka ho phetha thato ya Modimo, le tle le amohele seo le se tshepisitsweng
BAHEBERU 10:36 പര്യവേക്ഷണം ചെയ്യുക
5
BAHEBERU 10:22
Kahoo a re atameleng ka dipelo tse tshepahalang, le ka tumelo e tletseng, re hlwekisitswe dipelo ho kgutsisa matswalo a rona, re hlatswitswe mmele ka metsi a hlwekileng.
BAHEBERU 10:22 പര്യവേക്ഷണം ചെയ്യുക
6
BAHEBERU 10:35
Jwale le se ke la lahlehelwa ke tshepo eo ya lona, e nang le moputso o moholo.
BAHEBERU 10:35 പര്യവേക്ഷണം ചെയ്യുക
7
BAHEBERU 10:26-27
Ha re etsa dibe ka boomo, empa re se re fumane tsebo ya nnete, ha ho sa na sehlabelo se ka tlosang dibe tseo; ho tla sala tebello e tshabehang ya kahlolo, le kgabo ya mollo e tla timetsa bahanyetsi.
BAHEBERU 10:26-27 പര്യവേക്ഷണം ചെയ്യുക