YouVersion Logo
Search Icon

RUTHE 1

1
Elimeleke o fallela Moabe
1Mehleng ya ha ho ne ho busa baahlodi, naha ya Iseraele ya eba le tlala. Monna e mong wa Betlelehema e Juda, a ena le mosadi wa hae le bara ba hae ba babedi, a ya jaka naheng ya Moabe. 2Lebitso la monna eo e ne e le Elimeleke, mosadi wa hae e le Naomi, bara ba hae e le Mahelone le Kilejone. E ne e le Baeferata ba tswang Betlelehema e Juda. Ba fihla naheng ya Moabe, ba aha teng. 3Yaba Elimeleke, mohatsa Naomi, o a shwa, mme mosadi a sala le bara ba hae ba babedi. 4Bara bao ba nyala barwetsana ba morabe wa Moabe; lebitso la e mong e ne e le Orepa, la e mong e le Ruthe, mme ba phela moo dilemo tse ka bang leshome. 5Bo-Mahelone le Kilejone le bona ba eshwa, mme mma bona a sala a se a se na monna le bara ba hae ba babedi.
Naomi o kgutlela Betlelehema
6Naomi a utlwela hore Morena o ile a etela setjhaba sa hae, a se fa dijo, yaba yena, hammoho le dingwetsi tsa hae, o itokisetsa ho tloha naheng ya Moabe. 7Ka baka leo, Naomi le dingwetsi tsa hae tse pedi ba tloha moo ba neng ba phela teng. Ha ba le tseleng e yang naheng ya Juda, 8Naomi a re ho dingwetsi tsa hae: “Kgutlang, e mong le e mong a boele lapeng habo. Morena a ke a be molemo ho lona, jwalokaha le bile molemo ho nna le ho ba shweleng. 9Morena a ke a nee e mong le e mong wa lona monna le lelapa le tla ba le kgotso.” Yaba Naomi o a ba aka, empa bona ba lla haholo.
10Ba re ho yena: “Ruri re tla kgutlela le wena setjhabeng sa heno.”
11Naomi a re: “Kgutlang hle, bana ba ka! Ke hobaneng ha le rata ho tsamaya le nna? Na ke sa na le bara ba bang ka popelong ya ka, bao e ka bang banna ba lona? 12Kgutlang, bana ba ka; tsamayang, hobane ke se ke tsofetse haholo hoo nke keng ka hlola ke eba le monna. Haeba ke ne nka re ke sa na le tshepo, mme eba ke nyalwa hona bosiung bona, ke beleha bara, 13na le ne le tla ba emela ho fihlela ba hola? Na le ne le tla hloboha lenyalo ka baka la bona? Tjhe, bana ba ka, pelo ya ka e bohloko haholo ka baka la lona, hobane Morena o mphuraletse.”
14Ba boela ba lla. Orepa a aka matsalae, a kgutlela ha habo, empa Ruthe yena a imamarela ka yena. 15Naomi a re ho yena: “Bona, ngwetsi eno e kgutletse ho ba habo yona, le ho medimo ya yona; le wena kgutla, o latele ngwetsi eno.”
16Empa Ruthe a re: “O se ke wa nqobella hore ke kgaohane le wena, kapa hore ke se ke ka tsamaya le wena, hobane
“moo o yang teng
ke tla ya teng,
moo o phelang teng
ke tla phela teng;
tjhaba sa heno
e be tjhaba sa heso,
Modimo wa hao
e be Modimo wa ka.
17Moo o tla shwela teng
ke tla shwela teng,
mme ke tla epelwa hona teng.
Morena a nkahlole ka ho fetisa
ha re ka arohanngwa ke ho hong,
haese ke lefu.”
18Ha Naomi a bona hore Ruthe o tsitlellela ho tsamaya le yena, a se ke a hlola a re letho ho yena. 19Ba tsamaya bobedi ba bona, ba ba ba ya fihla Betlelehema. Ha ba se ba fihlile Betlelehema, batho bohle ba motse ba ba bokanela, basadi ba kgotsa, ba re: “Na eo ke Naomi?”
20Empa a re ho bona: “Le se ke la mpitsa Naomi; le mpe le mpitse Mara, hobane Ya Matla wohle o nketseditse tse bohloko.
21“Ke tlohile mona ke hafa ka nkatana,
Morena o nkgutlisa ke itlhophere;
jwale le ka mpitsa Naomi jwang,
athe Morena o ntswile, o nkahlotse,
Ya Matla wohle
o ntliseditse matshwenyeho?”
22Naomi a kgutla tjena naheng ya Moabe, a ena le Ruthe, ngwetsi ya hae ya ba morabe wa Moabe; ba fihla Betlelehema ha ho qalwa ho helwa harese.

Currently Selected:

RUTHE 1: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy